Esekiele 43:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba o ntlisa monyakong, monyakong o lebileng ka nqa botjhabela,

2. mme ka bona kganya ya Modimo wa Iseraele e etla e etswa botjhabela; lentswe la wona le ne le le jwaloka modumo wa metsi a mangata; lefatshe le ne le benya ka kganya ya wona.

3. Hoo ke neng ke ho bona, ho ne ho na le ponahalo e kang ya seo ke na beng ke se bone mohla ke tlang ho timetsa motse; tse bonwang di ne di na le ponahalo e kang ya tseo ke na beng ke di bone nokeng ya Kebare; yaba ke ikakgela fatshe ka sefahleho.

4. Mme kganya ya Jehova ya kena tlung, ka tsela ya monyako o tadimileng ka nqa botjhabela.

5. Ke ha moya o nkuka, wa ntlisa lebaleng le kahare; mme ka bona kganya ya Jehova e tletse ntlo.

6. Yaba ke utlwa e mong a bua le nna, a le ka tlung; yaba ho ema motho pela ka;

Esekiele 43