11. Ponahalong ya tsona ka nqa ka pele, di ne di tshwana le dikamore tse lebileng ka nqa leboya; bolelele bo ne bo le jwalo le bona bophara, le moo di neng di tswela teng, le dibopeho tsa tsona, le menyako ya tsona.
12. Menyako ya dikamore tse lebileng ka nqa borwa e ne e le jwalo, monyako o ne o le teng jwalo qalong ya tsela; mme tsela eo e pela motero e ne e lokela ba kenang ka nqa botjhabela.
13. Yaba o re ho nna: Dikamore tse ka nqa leboya, le dikamore tse ka nqa borwa, tse mabapa le sebaka se feela, ke dikamore tse halalelang, moo baprista ba atamelang Jehova ba tla jela dintho tse halalelang teng; ke moo ba tla bea ntho tse halaledisisang, dinyehelo le mahlabelo a sebe, kapa a molato; etswe nqalo eo e le e halalelang.