Esekiele 42:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba o nntshetsa lebaleng le kantle, ka tsela e lebang ka nqa leboya, mme a nkisa dikamoreng tse mabapa le sebaka se feela, tse pela lerako ka nqa leboya.

2. Ka ho ya ka bolelele, ho le tswe tse lekgolo, monyako o le ka nqa leboya, bophara bo le tswe tse mashome a mahlano.

3. Mabapa le ditswe tse mashome a mabedi tsa lebala le kahare, le mabapa le mokato wa lebala le kantle, dikgorwana di ne di bapile le dikgorwana, dikamoreng tsa mela e meraro.

4. Pela dikamore tseo, ho le sebaka sa ho tsamaya se bophara bo tswe tse leshome; kahare ho na le tsela e setswe se le seng; menyako yona e tadimile ka nqa leboya.

5. Dikamore tse moleng o hodimo di ne di patisane, hobane dikgorwana di ne di ja sebaka se seholo sa moaho, ho ena le tsa mola o katlase le tsa o kahare.

6. Hobane di fela di ne di etsa mela e meraro, ho se ditshiya tse jwaloka ditshiya tsa mabala; ke ka baka leo ho neng ho kgutshofaditswe dibaka tsa mola o katlase le tsa o kahare, ho tloha fatshe.

7. Mme motero o kantle, haufi le dikamore, ho leba ka nqa lebaleng le kantle, pela dikamore, o ne o le bolelele bo tswe tse mashome a mahlano.

8. Hobane bolelele ba dikamore tse lebileng ka nqa lebaleng le kantle bo ne bo le tswe tse mashome a mahlano; empa pela tempele, bo ne bo le tswe tse lekgolo.

9. Mme ka tlase ho dikamore tseo, kgorwana e ne e le teng eo monyako wa yona o neng o lebile ka nqa botjhabela, ha motho a na a kena teng a etswa lebaleng le kantle.

10. Bophareng ba motero wa lebala, ka nqa botjhabela, pela sebaka se feela le pela lerako, dikamore di ne di le teng.

11. Ponahalong ya tsona ka nqa ka pele, di ne di tshwana le dikamore tse lebileng ka nqa leboya; bolelele bo ne bo le jwalo le bona bophara, le moo di neng di tswela teng, le dibopeho tsa tsona, le menyako ya tsona.

12. Menyako ya dikamore tse lebileng ka nqa borwa e ne e le jwalo, monyako o ne o le teng jwalo qalong ya tsela; mme tsela eo e pela motero e ne e lokela ba kenang ka nqa botjhabela.

Esekiele 42