8. Mme ka bona hobane ntlo yohle e ne e eme phahameng; metheo ya dikamore tse mahlakoreng e ne e etsa thupa e tletseng, e le ditswe tse tsheletseng.
9. Bophara ba lerako la dikamore tse mahlakoreng, kantle, bo ne bo le tswe tse hlano, ho ntoo ba setupu sa dikamore tse mahlakoreng a ntlo.
10. Mme ho isa dikamoreng tse ding ho ne ho le sebaka se feela se tswe tse mashome a mabedi ho sika le ntlo yohle.
11. Monyako wa dikamore tse mahlakoreng o ne o bulehela setupung, o mong monyako e lebile ka nqa leboya, o mong monyako o lebile ka nqa borwa; bophara ba setupu bo ne bo le tswe tse hlano kahohle.
12. Mme moaho o neng o le pela sebaka se feela ka nqa bophirimela, o ne o le bophara bo tswe tse mashome a supileng; lerako la moaho oo le ne le le bophara bo tswe tse hlano kahohle, bolelele bo le tswe tse mashome a robileng mono o le mong.
13. A ntoo lekanya ntlo, bolelele ya eba tswe tse lekgolo; le sebaka se feela, le moaho, le marako a wona, ya eba bolelele bo tswe tse lekgolo;
14. a lekanya le bophara ba ntlo ka nqa ka pele, le ba sebaka se feela, ka nqa botjhabela, bo le tswe tse lekgolo.
15. Yaba o lekanya botopo ba moaho kapele ho sebaka se feela se kamora wona, le dikgorwana tsa wona, ka kwano le ka kwana, a fumana ditswe tse lekgolo.
16. Tempele e kahare, le mathule a pela lebala, le bohato ba menyako, le difensetere tse kwetsweng, le dikgorwana tse sikang le ntlo hlahlamanong ya tsona se tharo, mabapa le bohato ba menyako, di ne di manehilwe ka dipolanka ka nqa tsohle, le ho tloha fatshe ho isa difensetereng; difensetere tsona di ne di kwahetswe.
17. Baka se hodimo ho monyako, ho tlisa bohareng ba ntlo le kantle ho yona, leboteng lohle la ntlo, kahare le kantle, se ne se kgabisitswe.