Esekiele 41:11-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Monyako wa dikamore tse mahlakoreng o ne o bulehela setupung, o mong monyako e lebile ka nqa leboya, o mong monyako o lebile ka nqa borwa; bophara ba setupu bo ne bo le tswe tse hlano kahohle.

12. Mme moaho o neng o le pela sebaka se feela ka nqa bophirimela, o ne o le bophara bo tswe tse mashome a supileng; lerako la moaho oo le ne le le bophara bo tswe tse hlano kahohle, bolelele bo le tswe tse mashome a robileng mono o le mong.

13. A ntoo lekanya ntlo, bolelele ya eba tswe tse lekgolo; le sebaka se feela, le moaho, le marako a wona, ya eba bolelele bo tswe tse lekgolo;

14. a lekanya le bophara ba ntlo ka nqa ka pele, le ba sebaka se feela, ka nqa botjhabela, bo le tswe tse lekgolo.

15. Yaba o lekanya botopo ba moaho kapele ho sebaka se feela se kamora wona, le dikgorwana tsa wona, ka kwano le ka kwana, a fumana ditswe tse lekgolo.

Esekiele 41