1. Yaba o nkenya tempeleng, mme a lekanya ditshiya, di le bophara bo ditswe tse tsheletseng ka kwano, le bophara bo ditswe tse tsheletseng ka kwana, ho lekana le bophara ba tabernakele;
2. bophara ba monyako e ne e le tswe tse leshome, mme mahlakore a monyako e ne e le ditswe tse hlano ka kwano, hape e le ditswe tse hlano ka kwana. A lekanya bolelele ba tempele bo le ditswe tse mashome a mane, le bophara bo le ditswe tse mashome a mabedi.
3. A kena kahare, a lekanya tshiya ya monyako, e le ditswe tse pedi; le monyako, e le tswe tse tsheletseng; le bophara ba monyako, bo le ditswe tse supileng.
4. A lekanya bolelele bo kahare, bo le tswe tse mashome a mabedi, le bophara bo le tswe tse mashome a mabedi, ka pele ho tempele; yaba o re ho nna: Hoo ke sehalaledisiso.
5. Yaba o lekanya lerako la ntlo, le ena le tswe tse tsheletseng, le bophara ba dikamore tse mahlakoreng bo etsa tswe tse nne ka nqa tsohle ho ntlo kaofela.
6. Dikamore tse mahlakoreng di ne di eme e nngwe hodima e nngwe, di le tharo jwalo, di phetwa jwalo ha mashome a mararo; di ne di dutse hodima lerako le neng le sika le ntlo, le etseditswe dikamore tse mahlakoreng, hore di tiye jwalo, leha di ne di sa itshehetse ka lerako la ntlo.
7. Mme tsela e pela dikamore e ne e le sephara hodimo, hobane dikamore tse mahlakoreng di ne di ena le tsela e sikang le ntlo, pela dikamore tsohle; jwale sebaka seo sa tsela se ne se le sephara hodimo, se le sesesane tlase, mme hare se lekane.