Esekiele 40:6-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Yaba o tla monyako o lebileng ka nqa Botjhabela, a nyoloha ka methatinyana ya wona, a lekanya mohato wa monyako, ya eba thupa e le nngwe ka bophara; mohato wa bobedi le wona ya eba thupa e le nngwe ka bophara.

7. Kamore e nngwe le e nngwe ya balebedi, bolelele ba yona ya eba thupa e le nngwe, bophara e le thupa e le nngwe. Pakeng tsa dikamore tsa balebedi, ho no ho na le sebaka sa ditswe tse hlano. Mohato wa monyako o pela mathule a monyako, ho lebana le ntlo, o ne o le bophara ba thupa e le nngwe.

8. A ntoo lekanya mathule a monyako, malebana le ntlo, ya eba bophara ba thupa e le nngwe.

9. Yaba o lekanya bophara ba mathule a monyako, ya eba ditswe tse robileng meno e le mmedi; le ba ditshiya tsa wona, ya eba tswe tse pedi. Mathule a monyako a ne a lebane le ntlo.

10. Haele dikamore tsa balebedi tsa monyako wa botjhabela, tse tharo di ne di le ka kwano, tse tharo tse ding di le ka kwana; tse tharo di ne di na le tekanyo e le nngwe, le ditshiya di ne li na le tekanyo e le nngwe, ka nqa e ka kwano le ka nqane.

11. Hape, a lekanya bophara ba sebaka sa monyako, ya eba ditswe tse leshome; bophahamo ba monyako e le ditswe tse leshome le metso e meraro.

12. Pela dikamore tsa balebedi ho na le motero, e le wa tswe se le seng ka nqane, hape e le wa tswe se le seng ka kwano; haele kamore e nngwe le e nngwe ya balebedi, e ne e na le ditswe tse tsheletseng ka kwano, hape e na le tswe tse tsheletseng ka kwana.

13. A ntoo lekanya monyako, ho tloha marulelong a kamore ya balebedi, ho isa marulelong a e nngwe, e le bophara ba tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano, monyako o mong o ntse o le maloka le o mong.

14. Hape, a bala ditshiya tsa ditswe tse mashome a tsheletseng; mabapa le ditshiya, ho ne ho le lebala le teetseng monyako hare.

15. Ho tloha monyakong wa pele, ho isa pela mathule a monyako o kahare, ho ne ho ena le sebaka sa ditswe tse mashome a mahlano.

16. Dikamoreng tsa balebedi ho ne ho na le difensetere tse kwetsweng, di eme ditshiyeng tsa tsona kahare, di teetse monyako hare ka nqa tsohle: ho jwalo le marakong. Difensetere tseo di ne di le ka nqa tsohle, ka nqa kahare; mme ditshiya di ne di na le dipalema.

17. Yaba o nkisa lebaleng le kantle, mme ka bona dikamore, ka bona le mokato wa majwe o entsweng lebaleng ho le teela hare; ho ne ho ena le dikamore tse mashome a mararo tse neng di teana le mokato oo.

18. Mokato oo o ne o le mahlakoreng a menyako, o lekane le bolelele ba menyako; oo ke mokato o katlase.

19. Yaba o lekanya bophara bo tlohang monyakong o katlase ho isa kapele ho lebala le kahare, kantle ho lona, e le ditswe tse lekgolo ka nqa botjhabela le ka nqa leboya.

20. Jwale, monyako wa lebala le kantle, o lebileng ka nqa leboya, a lekanya bolelele ba wona le bophara ba wona;

Esekiele 40