Esekiele 40:27-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Hape, monyako o mong o ne o le teng lebaleng le kahare ka nqa borwa. A lekanya sebaka ho tloha monyakong o mong ho isa monyakong o mong, ka nqa borwa, se le ditswe tse lekgolo.

28. Yaba o nkisa lebaleng le kahare, ka monyako wa borwa, mme a lekanya monyako wa borwa ka tekanyo tsona tseo;

29. a lekanya dikamore tsa wona, le ditshiya tsa wona, le marako a wona, ka tekanyo tsona tseo. Monyako oo le marako a wona di ne di na le difensetere kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo ne bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.

30. Ho ne ho le mathule kahohle, ka nqa tsohle; bolelele ba wona bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bo le tswe tse hlano.

31. Mathule a wona a ne a lebile ka nqa lebaleng le kantle; dipalema di le teng ditshiyeng tsa wona, mme ho ne ho nyolohelwa ho wona ka methatinyana e robileng meno e le mmedi.

32. Yaba o nkisa lebaleng le kahare, ka nqa botjhabela, a lekanya monyako ka tekanyo tsona tseo;

33. a lekanya dikamore tsa wona, le ditshiyo tsa wona, le marako a wona, ka tekanyo tsona tseo. Monyako oo le marako a wona a ne a na le difensetere kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo ne bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.

34. Mathule a wona a ne a lebile ka nqa lebaleng le kantle; dipalema di le teng ditshiyeng tsa wona ka nqa tse pedi, mme ho no ho nyolohelwa ho wona ka methatinyana e robileng meno e le mmedi.

35. Yaba o nkenya ka monyako wa leboya, a lekanya dikamore tsa wona, le ditshiya tsa wona, le marako a wona, ka tekanyo tsona tseo.

36. Difensetere di le teng monyakong oo kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.

Esekiele 40