Esekiele 40:27-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Hape, monyako o mong o ne o le teng lebaleng le kahare ka nqa borwa. A lekanya sebaka ho tloha monyakong o mong ho isa monyakong o mong, ka nqa borwa, se le ditswe tse lekgolo.

28. Yaba o nkisa lebaleng le kahare, ka monyako wa borwa, mme a lekanya monyako wa borwa ka tekanyo tsona tseo;

29. a lekanya dikamore tsa wona, le ditshiya tsa wona, le marako a wona, ka tekanyo tsona tseo. Monyako oo le marako a wona di ne di na le difensetere kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo ne bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.

30. Ho ne ho le mathule kahohle, ka nqa tsohle; bolelele ba wona bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano, bophara bo le tswe tse hlano.

31. Mathule a wona a ne a lebile ka nqa lebaleng le kantle; dipalema di le teng ditshiyeng tsa wona, mme ho ne ho nyolohelwa ho wona ka methatinyana e robileng meno e le mmedi.

Esekiele 40