13. A ntoo lekanya monyako, ho tloha marulelong a kamore ya balebedi, ho isa marulelong a e nngwe, e le bophara ba tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano, monyako o mong o ntse o le maloka le o mong.
14. Hape, a bala ditshiya tsa ditswe tse mashome a tsheletseng; mabapa le ditshiya, ho ne ho le lebala le teetseng monyako hare.
15. Ho tloha monyakong wa pele, ho isa pela mathule a monyako o kahare, ho ne ho ena le sebaka sa ditswe tse mashome a mahlano.
16. Dikamoreng tsa balebedi ho ne ho na le difensetere tse kwetsweng, di eme ditshiyeng tsa tsona kahare, di teetse monyako hare ka nqa tsohle: ho jwalo le marakong. Difensetere tseo di ne di le ka nqa tsohle, ka nqa kahare; mme ditshiya di ne di na le dipalema.
17. Yaba o nkisa lebaleng le kantle, mme ka bona dikamore, ka bona le mokato wa majwe o entsweng lebaleng ho le teela hare; ho ne ho ena le dikamore tse mashome a mararo tse neng di teana le mokato oo.
18. Mokato oo o ne o le mahlakoreng a menyako, o lekane le bolelele ba menyako; oo ke mokato o katlase.
19. Yaba o lekanya bophara bo tlohang monyakong o katlase ho isa kapele ho lebala le kahare, kantle ho lona, e le ditswe tse lekgolo ka nqa botjhabela le ka nqa leboya.
20. Jwale, monyako wa lebala le kantle, o lebileng ka nqa leboya, a lekanya bolelele ba wona le bophara ba wona;
21. a lekanya le dikamore tsa wona tsa balebedi, di le tharo ka kwano, hape di le tharo ka kwana, le ditshiya tsa wona le marako a wona. E ne e le tekanyo e le nngwe le ya monyako wa pele; bolelele ba wona e ne e le ditswe tse mashome a mahlano, bophara ba wona e le ditswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano;
22. a lekanya le difensetere tsa wona, le mathule a wona, le dipalema tsa wona, ho ya ka tekanyo ya monyako o lebileng ka nqa botjhabela. Ho ne ho nyolohelwa teng ka methatinyana e supileng, eo pela yona ho neng ho na le mathule a wona.
23. Lebala le kahare le lona le ne le na le monyako, mabapa le monyako wa leboya le wa botjhabela; yaba o lekanya sebaka se tlohang monyakong o mong ho isa monyakong o mong, se le ditswe tse lekgolo.
24. Yaba o ntsamaisa ka nqa borwa; mme ka bona monyako ka nqa borwa; a lekanya ditshiya tsa wona le marako a wona ka tsona tekanyo tseo.