Esekiele 40:11-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Hape, a lekanya bophara ba sebaka sa monyako, ya eba ditswe tse leshome; bophahamo ba monyako e le ditswe tse leshome le metso e meraro.

12. Pela dikamore tsa balebedi ho na le motero, e le wa tswe se le seng ka nqane, hape e le wa tswe se le seng ka kwano; haele kamore e nngwe le e nngwe ya balebedi, e ne e na le ditswe tse tsheletseng ka kwano, hape e na le tswe tse tsheletseng ka kwana.

13. A ntoo lekanya monyako, ho tloha marulelong a kamore ya balebedi, ho isa marulelong a e nngwe, e le bophara ba tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano, monyako o mong o ntse o le maloka le o mong.

14. Hape, a bala ditshiya tsa ditswe tse mashome a tsheletseng; mabapa le ditshiya, ho ne ho le lebala le teetseng monyako hare.

15. Ho tloha monyakong wa pele, ho isa pela mathule a monyako o kahare, ho ne ho ena le sebaka sa ditswe tse mashome a mahlano.

16. Dikamoreng tsa balebedi ho ne ho na le difensetere tse kwetsweng, di eme ditshiyeng tsa tsona kahare, di teetse monyako hare ka nqa tsohle: ho jwalo le marakong. Difensetere tseo di ne di le ka nqa tsohle, ka nqa kahare; mme ditshiya di ne di na le dipalema.

17. Yaba o nkisa lebaleng le kantle, mme ka bona dikamore, ka bona le mokato wa majwe o entsweng lebaleng ho le teela hare; ho ne ho ena le dikamore tse mashome a mararo tse neng di teana le mokato oo.

18. Mokato oo o ne o le mahlakoreng a menyako, o lekane le bolelele ba menyako; oo ke mokato o katlase.

19. Yaba o lekanya bophara bo tlohang monyakong o katlase ho isa kapele ho lebala le kahare, kantle ho lona, e le ditswe tse lekgolo ka nqa botjhabela le ka nqa leboya.

20. Jwale, monyako wa lebala le kantle, o lebileng ka nqa leboya, a lekanya bolelele ba wona le bophara ba wona;

21. a lekanya le dikamore tsa wona tsa balebedi, di le tharo ka kwano, hape di le tharo ka kwana, le ditshiya tsa wona le marako a wona. E ne e le tekanyo e le nngwe le ya monyako wa pele; bolelele ba wona e ne e le ditswe tse mashome a mahlano, bophara ba wona e le ditswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano;

22. a lekanya le difensetere tsa wona, le mathule a wona, le dipalema tsa wona, ho ya ka tekanyo ya monyako o lebileng ka nqa botjhabela. Ho ne ho nyolohelwa teng ka methatinyana e supileng, eo pela yona ho neng ho na le mathule a wona.

23. Lebala le kahare le lona le ne le na le monyako, mabapa le monyako wa leboya le wa botjhabela; yaba o lekanya sebaka se tlohang monyakong o mong ho isa monyakong o mong, se le ditswe tse lekgolo.

24. Yaba o ntsamaisa ka nqa borwa; mme ka bona monyako ka nqa borwa; a lekanya ditshiya tsa wona le marako a wona ka tsona tekanyo tseo.

25. Monyako oo le marako a wona di ne di na le difensetere kahohle, ka nqa tsohle, jwaloka difensetere tse ding. Bolelele ba monyako e ne e le tswe tse mashome a mahlano, bophara e le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.

26. Ho ne ho nyolohelwa teng ka methatinyana e supileng; pela yona ho ne ho le mathule a monyako, mme o ne o na le dipalema tsa wona ka nqa tse pedi ho ditshiya tsa wona.

27. Hape, monyako o mong o ne o le teng lebaleng le kahare ka nqa borwa. A lekanya sebaka ho tloha monyakong o mong ho isa monyakong o mong, ka nqa borwa, se le ditswe tse lekgolo.

28. Yaba o nkisa lebaleng le kahare, ka monyako wa borwa, mme a lekanya monyako wa borwa ka tekanyo tsona tseo;

29. a lekanya dikamore tsa wona, le ditshiya tsa wona, le marako a wona, ka tekanyo tsona tseo. Monyako oo le marako a wona di ne di na le difensetere kahohle, ka nqa tsohle; bolelele bo ne bo le tswe tse mashome a mahlano, bophara bo le tswe tse mashome a mabedi a metso e mehlano.

Esekiele 40