Esekiele 40:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Selemong sa mashome a mabedi a metso e mehlano sa kgoleho ya rona, qalong ya selemo, ka la leshome la kgwedi, ho se ho le dilemo tse leshome le metso e mene motse o sentswe, ka lona tsatsi leo, letsoho la Jehova la eba ho nna, mme a ntlisa mona.

2. A ntlisa naheng ya Iseraele ka dipono tsa mohlolo tsa Modimo, a mpea thabeng e telele haholo, eo hodima yona ho nang ho le ntho e kang moaho wa motse, ka nqa borwa.

3. A ntlisa hona teng; teng ka bona monna eo ponahalo ya hae e neng e ka ponahalo ya koporo, a tshwere kgwele ya line letsohong la hae le thupa ya ho lekanya, a eme monyako.

4. Monna eo a re ho nna: Mora motho, tadima ka mahlo a hao, o mamele ka ditsebe tsa hao, o ele tsohle tseo ke tla o bontsha tsona hloko; hobane ha o tlisitswe kwano, ke hore ke o bontshe tsona; o tle o tsebise ntlo ya Iseraele tsohle tseo o di bonang.

5. Yaba ke bona lerako le potang ntlo kantle, mme letsohong la monna eo, ho ne ho na le thupa ya ho lekanya e ditswe tse tsheletseng, tswe se seng sa yona se ne se lekane le tswe se le seng sa tekanyo ya kgale se nang le seatla. A lekanya bophara ba lerako, e le thupa e le nngwe, le bophahamo ba lona, e le thupa e le nngwe.

6. Yaba o tla monyako o lebileng ka nqa Botjhabela, a nyoloha ka methatinyana ya wona, a lekanya mohato wa monyako, ya eba thupa e le nngwe ka bophara; mohato wa bobedi le wona ya eba thupa e le nngwe ka bophara.

7. Kamore e nngwe le e nngwe ya balebedi, bolelele ba yona ya eba thupa e le nngwe, bophara e le thupa e le nngwe. Pakeng tsa dikamore tsa balebedi, ho no ho na le sebaka sa ditswe tse hlano. Mohato wa monyako o pela mathule a monyako, ho lebana le ntlo, o ne o le bophara ba thupa e le nngwe.

8. A ntoo lekanya mathule a monyako, malebana le ntlo, ya eba bophara ba thupa e le nngwe.

9. Yaba o lekanya bophara ba mathule a monyako, ya eba ditswe tse robileng meno e le mmedi; le ba ditshiya tsa wona, ya eba tswe tse pedi. Mathule a monyako a ne a lebane le ntlo.

10. Haele dikamore tsa balebedi tsa monyako wa botjhabela, tse tharo di ne di le ka kwano, tse tharo tse ding di le ka kwana; tse tharo di ne di na le tekanyo e le nngwe, le ditshiya di ne li na le tekanyo e le nngwe, ka nqa e ka kwano le ka nqane.

Esekiele 40