4. Wena jwale, o sekame ka lehlakore la hao le letshehadi, o bee bokgopo ba ntlo ya Iseraele ho lona; ha o ntse o sekame ka lona ka tshiu tse itseng, etlaba o jere bokgopo ba bona ka tsona.
5. Ke o nea dilemo tsa bokgopo ba bona di be kaa ka palo ya ditshiu tseo, e leng tshiu tse makgolo a mararo a nang le mashome a robileng mono o le mong. O tla jara bokgopo ba ntlo ya Iseraele jwalo.
6. Etlare hobane o qete tshiu tseo, o tla boela o sekame ka lehlakore la hao le letona, mme o tla jara bokgopo ba ntlo ya Juda ka tshiu tse mashome a mane; ke o nea tshiu ka nngwe ho lekanya selemo se seng.
7. O tle o lebisetse thibello ya Jerusalema sefahleho sa hao le letsoho la hao le apotsweng, o mo porofetele.
8. Bona, ke beile marapo ho wena, hore o tle o se ke wa iphetolela ka hlakoreng le leng, o eso ho qete tshiu tsa thibello ya hao.
9. Jwale, o inkele koro, le harese, le dinawa, le dierekise, le nyalothe, le maidi, o di tshele pitseng e le nngwe, mme ka tsona o iketsetse bohobe bo ka lekanang palo ya ditshiu tseo o tla sekama ka lehlakore ka tsona; o tla bo ja ka tshiu tse makgolo a mararo a mashome a robileng mono o le mong.
10. Dijo tseo o di jang, o tlo di je ka boima ba dishekele tse mashome a mabedi ka letsatsi; o tle o di je ka nako e itseng le ka nako e itseng.
11. Leha e le metsi ao o tla a nwa, o a nwe ka tekanyo ya botshelela ya hine; o tle o a nwe ka nako e itseng le ka nako e itseng.
12. Maqebekwane a harese ao o a jang, o tle o a bese ka masepa a batho pontsheng ya bona.
13. Jehova o re: Bana ba Iseraele ba tla ja bohobe ba bona bo silafetse jwalo hara ditjhaba tseo ke tla ba lelekisetsa hara tsona.
14. Ka mpa ka re: Oho Morena Jehova, bona, moya wa ka ha o eso ho silafale; ha ke eso ho je, ho qala botjheng ba ka le ho fihlela jwale, kapa ntho e shweleng, kapa phoofolo e rusolotsweng, mme ha ho eso ho be nama e putileng e keneng molomong wa ka.