1. Haele wena, mora motho, o nke lekote, o le bee pela hao, mme ho lona o tshwantshe motse, e leng Jerusalema;
2. o be o o thibelle, o o hahele lerako le o teelang hare, o o etsetse sefika, o o hlomele diahelo, o be o bee dipheleu, o o teele hare ka tsona.
3. O ntoo nka lekapa la tshepe, o le etse lerako la tshepe mahareng a hao le motse, o o lebisetse sefahleho sa hao, hore o tle o thibellwe, mme o o thibelle. Hoo e tla ba pontsho ho ntlo ya Iseraele.
4. Wena jwale, o sekame ka lehlakore la hao le letshehadi, o bee bokgopo ba ntlo ya Iseraele ho lona; ha o ntse o sekame ka lona ka tshiu tse itseng, etlaba o jere bokgopo ba bona ka tsona.
5. Ke o nea dilemo tsa bokgopo ba bona di be kaa ka palo ya ditshiu tseo, e leng tshiu tse makgolo a mararo a nang le mashome a robileng mono o le mong. O tla jara bokgopo ba ntlo ya Iseraele jwalo.
6. Etlare hobane o qete tshiu tseo, o tla boela o sekame ka lehlakore la hao le letona, mme o tla jara bokgopo ba ntlo ya Juda ka tshiu tse mashome a mane; ke o nea tshiu ka nngwe ho lekanya selemo se seng.
7. O tle o lebisetse thibello ya Jerusalema sefahleho sa hao le letsoho la hao le apotsweng, o mo porofetele.
8. Bona, ke beile marapo ho wena, hore o tle o se ke wa iphetolela ka hlakoreng le leng, o eso ho qete tshiu tsa thibello ya hao.
9. Jwale, o inkele koro, le harese, le dinawa, le dierekise, le nyalothe, le maidi, o di tshele pitseng e le nngwe, mme ka tsona o iketsetse bohobe bo ka lekanang palo ya ditshiu tseo o tla sekama ka lehlakore ka tsona; o tla bo ja ka tshiu tse makgolo a mararo a mashome a robileng mono o le mong.
10. Dijo tseo o di jang, o tlo di je ka boima ba dishekele tse mashome a mabedi ka letsatsi; o tle o di je ka nako e itseng le ka nako e itseng.