6. Ke tla romela mollo naheng ya Magogo le hodima bohle ba ahileng dihlekehlekeng ba iketlile; mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.
7. Ke tla tumisa lebitso la ka le kgethehileng hara setjhaba sa ka sa Iseraele, ha ke sa tla dumela hore ho hlomphollwe lebitso la ka le kgethehileng; mme ditjhaba di tla tseba hoba ke nna Jehova Mohalaledi wa Iseraele.
8. Bonang, taba eo e se e ya tla, le ho etsahala: ho bolela Morena Jehova. Ke lona letsatsi leo ke le boletseng.
9. Ba ahileng metseng ya Iseraele ba tla tswa, ba bese mollo, ba tle ba tjhese dibetsa, le dithebe, le dithejana, le diqha, le metsu, le marumo, le dikwebe; ba tla di besa ka dilemo tse supileng. Ha ba sa tla rwalla patsi naheng;
10. ha ba sa tla ya rema merung, ba mpa ba tla besa dibetsa; ba tla hlobodisa ba ba hlobidisitseng, ba tlatlape ba ba tlatlapileng: ho bolela Morena Jehova.
11. Tsatsing leo, ke tla nea Gogo setsha sa mabitla Iseraeleng, kgohlong ya baeti, ka nqa botjhabela ho lewatle, mme se tla thiba tsela ya baeti. Ke hona moo ho tla epelwa Gogo le bongata bohle ba hae, lebitso la teng le tla rewa Kgohlo ya bongata ba Gogo.
12. Ka kgwedi tse supileng, ba ntlo ya Iseraele ba tla ba epela, hore ba hlaphole lefatshe;
13. setjhaba sohle sa lefatshe se tla epela, mme hoo e tla ba botumo ho bona tsatsing leo ke tla itlotlisa ka lona: ho bolela Morena Jehova.
14. Ho tla kgethwa batho ba tla nne ba solle le naha, ba ntse ba epela ditopo tse setseng naheng, ba tlatsana le baeti, hore ba e hlaphole. Ba tla qala ho batla qetellong ya kgwedi tse supileng.
15. Le bona baeti ba tla solla le naha; ya tla bona masapo a motho o tla emisa sefika sa lejwe pela wona, ho be ho fihle baepedi ba a epelang Kgohlong ya bongata ba Gogo.
16. Esita le lebitso la motse wa teng e tla ba la Hamona (bongata). Ba tla hlaphola lefatshe jwalo.