2. Ke tla o kgutlisa, ke o hulanye, ke o nyolle pheletsong ya leboya, ke o tlise ho lwantsha dithaba tsa Iseraele.
3. Ke tla phamole seqha sa hao letsohong la hao le letshehadi, ke dihe metsu ya hao letsohong la hao le letona.
4. O tla wela dithabeng tsa Iseraele, e le wena le makgotla wohle a hao, le ditjhaba tse leng ho wena. Ke tla o neela manong le tsohle tse fofang le diphoofolo tsa naha, ho ba dijo tsa tsona.
5. O tla wela naheng; efela ke nna ke boletseng: ho rialo Morena Jehova.
6. Ke tla romela mollo naheng ya Magogo le hodima bohle ba ahileng dihlekehlekeng ba iketlile; mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.
7. Ke tla tumisa lebitso la ka le kgethehileng hara setjhaba sa ka sa Iseraele, ha ke sa tla dumela hore ho hlomphollwe lebitso la ka le kgethehileng; mme ditjhaba di tla tseba hoba ke nna Jehova Mohalaledi wa Iseraele.