12. Ka kgwedi tse supileng, ba ntlo ya Iseraele ba tla ba epela, hore ba hlaphole lefatshe;
13. setjhaba sohle sa lefatshe se tla epela, mme hoo e tla ba botumo ho bona tsatsing leo ke tla itlotlisa ka lona: ho bolela Morena Jehova.
14. Ho tla kgethwa batho ba tla nne ba solle le naha, ba ntse ba epela ditopo tse setseng naheng, ba tlatsana le baeti, hore ba e hlaphole. Ba tla qala ho batla qetellong ya kgwedi tse supileng.
15. Le bona baeti ba tla solla le naha; ya tla bona masapo a motho o tla emisa sefika sa lejwe pela wona, ho be ho fihle baepedi ba a epelang Kgohlong ya bongata ba Gogo.
16. Esita le lebitso la motse wa teng e tla ba la Hamona (bongata). Ba tla hlaphola lefatshe jwalo.
17. Haele wena, mora motho, Morena Jehova o re: Ere ho dinonyana, ho tsohle tse nang le dipheo, le ho diphoofolo tsohle tsa naha: Phuthehang, le tle. Phuthehang nqa tsohle, le tle sehlabelong sa ka, sehlabelong se seholo seo ke le hlabelang sona dithabeng tsa Iseraele, le tle le je nama, le nwe madi.
18. Le tla ja nama tsa diqhenqha, le tla nwa madi a marena a lefatshe: e leng dipheleu, le dikonyana, le diphooko, le dipoho; kaofela ha tsona e le tse nontshitsweng Bashane.
19. Le tla ja nama, le be le kgore, le tla nwa madi, le be le tahwe, sehlabelong sa ka seo ke le hlabelang sona.
20. Tafoleng ya ka, le tla kgora dipere le tse bofshwang, diqhenqha le bohle banna ba ntwa: ho bolela Morena Jehova.
21. Ke tla itlotlisa ditjhabeng; ditjhaba di tla bona kahlolo ya ka eo ke tla e etsa, le letsoho la ka leo ke tla le bea ho tsona.
22. Ho qala tsatsing leo le ho isa pele, ba ntlo ya Iseraele ba tla tseba hoba ke nna Jehova, Modimo wa bona.
23. Ditjhaba di tla tseba hoba ba ntlo ya Iseraele ba ne ba isitswe kgolehong ka baka la bokgopo ba bona, le kahobane ba ne ba ntshitetswe: ke ne ke ba patele sefahleho sa ka ke hona ka ba neela matsohong a dira tsa bona, ba ba ba dihuwa ke lerumo kaofela ha bona.
24. Ke ba entse ka ditshila tsa bona le ka meikgantsho ya bona, ka ba patela sefahleho sa ka ke hona.
25. Ha ho le jwalo Morena Jehova o re: Jwale, ke tla kgutlisa ba isitsweng kgolehong ba Jakobo, ke utlwele ntlo yohle ya Iseraele bohloko, ke boulelle lebitso la ka le kgethehileng.
26. Ba tla lebala sekgobo sa bona le tshito ya bona eo ba ntshitetsweng ka yona, mohla ba ahang naheng ya bona ba iketlile, ho se ya ba tshabisang;
27. e le mohla ke ba kgutlisang ditjhabeng, ke ba phuthang dinaheng tsa dira tsa bona, ke ikgalaletsang ka bona pontsheng ya ditjhaba tse ngata.
28. Ba tla tseba hoba ke nna Jehova, Modimo wa bona, ke na beng ke ba isitse ditjhabeng kgolehong, ke boelang ke ba bokellela naheng ya bona, mme mane nke ke ka siya le a mong wa bona.
29. Mme ha ke sa tla boela ke ba patele sefahleho sa ka, kahobane etlaba ke tsholletse moya wa ka tlung ya Iseraele: ho bolela Morena Jehova.