Esekiele 38:10-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Morena Jehova o re: Tsatsing leo, mehopolo e tla nyoloha pelong ya hao, o tla qapa morero o mobe,

11. o re: Ke tla futuhela lefatshe leno le ahlameng, ke nehelle bathong bano ba phelang ka kgotso, ba ahileng ba iketlile, ba dutseng ho se marako, ho se mekwallo le mamati.

12. Ke tla ya ho hapa kgapo, ho tlatlapa thepa, ho lwantsha dithako tse tsositsweng, setjhaba se phuthilweng ditjhabeng, se ruileng mehlape le mesebetsi, se ahileng nqalong tse phahameng tsa naha.

13. Sheba, le Dedane, le bahwebi ba Tarshishe, le ditawana tsohle tsa teng, ba tla re ho wena: Hleka o tlile ho hapa na? Hleka o bokeletse bongata boo ho tlatlapa thepa, hore o tle o be o ye le silefera le kgauta, o nke le mehlape le mesebetsi, ho hapa thepa e kgolo na?

14. Ha ho le jwalo, mora motho, porofeta, o re ho Gogo: Morena Jehova o re: Tsatsing leo, ha setjhaba sa ka se ahile se iketlile, ha ke re, o tla tseba na?

15. O tla tloha hae ha eno, pheletsong ya leboya, e le wena le ditjhaba tse ngata hammoho le wena, e le ba palamileng dipere kaofela ha bona, bongata bo boholo, sera se sengata;

16. o tla futuhela setjhaba sa ka sa Iseraele, o be jwaloka leru le kgurumetsang lefatshe. Taba eo e tla etsahala mehleng ya qetello; ke tla o tlisa ho lwantsha lefatshe la ka, hore ditjhaba di tle di ntsebe, mohla ke ikgalaletsang ka wena, Gogo, pontsheng ya tsona.

17. Morena Jehova o re: Na hase wena eo nkileng ka bolela tsa hao, mehleng ya boholoholo, ka bahlanka ba ka, baporofeta ba Iseraele, ba porofetileng mehleng eo ka dilemo tse ngata, ba itse, ke tla o tlisa hore o ba lwantshe?

18. Tsatsing leo, mohla Gogo a futuhelang naha ya Iseraele, ho bolela Morena Jehova, bohale bo tla tlala dinko tsa ka.

19. Ke rialo poulelong ya ka le tjhesehong ya kgalefo ya ka: tsatsing leo, tshisinyeho e kgolo e tla ba teng naheng ya Iseraele.

20. Pontsheng ya ka, ho tla thothomela dihlapi tsa lewatle, le dinonyana tsa lehodimo, le diphoofolo tsa naha, le dihahabi tsohle tse hahabang fatshe, le batho bohle ba lefatsheng; dithaba di tla heletswa, dilomo di thetehe, marako wohle a wele fatshe.

21. Ke tla mmiletsa lerumo thabeng tsohle tsa ka, ho bolela Morena Jehova; lerumo la e mong le tla hlaba ngwanabo.

22. Ke tla mo tsekisa ke tshwere lefu la sewa le madi; ke tla mo nesetsa dipula tsa dikgohola le majwe a sefako, le mollo, le sebabole, ke di nesetse le makgotla a hae le ditjhaba tse ngata tse leng ho yena.

23. Mme ke tla itlotlisa, ke be ke ikgalaletse, ke itsebahatse mahlong a ditjhaba tse ngata; mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.

Esekiele 38