1. Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:
2. Mora motho, retelletsa sefahleho sa hao nqa Gogo, naheng ya Magogo, ho morena wa Roshe, Mesheke le Tubale, o mo porofetele.
3. Ere ho yena: Morena Jehova o re: Bona, ke tla ho wena, Gogo, morena wa Roshe, wa Mesheke le wa Tubale!
4. Ke tla o kgutlisa, ke kentse mautlana mehlahareng ya hao, ke o ntshe, e le wena le sera sa hao kaofela, dipere le bapalami, ba hlometse bohle dihlomo tse phethehileng, e le bongata bo boholo bo hlometseng dithejana le dithebe, batho ba ekang lerumo;
5. ba ena le Bapersia, le Bakushe, le Baputhe, ba nang le dithebe le diheleme kaofela ha bona;
6. ba nang le Gomere le makgotla wohle a hae; le ntlo ya Togarma e tswang pheletsong ya leboya le makgotla wohle a hae, le ditjhaba tse ngata hammoho le wena.
7. Itokise, o be o itokise, wena le matshwele a hao wohle a bokaneng ho wena, o be modisa wa bona.
8. Kamora matsatsi a mangata o tla memuwa; dilemong tsa ho qetella, o tla tla lefatsheng le amohilweng lerumo, setjhabeng se phuthilweng ditjhabeng tse ngata, se ahileng dithabeng tsa Iseraele tse neng di fetohile lefeella ka dilemo tse ngata; ke setjhaba se ntshitsweng ditjhabeng; kaofela ha sona se ahile se iketlile.
9. O tla nyoloha, o tle ka mokgwa wa sefefo; o tla tshwana le leru le kgurumetsang lefatshe, e le wena le makgotla wohle a hao, le ditjhaba tse ngata hammoho le wena.