7. Yaba ke porofeta kamoo ke laetsweng kateng; ka re ke ntse ke porofeta, ha hlaha modumo, mme ka bona masapo a sisinyeha masapo, mme a atamelana, lesapo ho lesapo la lona.
8. Ka re ke ntse ke tadimile, ka bona ho hlaha mesifa ho wona, le yona nama ya mela, mme letlalo la kwahela hohle, ho mpa ho se moya ho wona.
9. Yaba o re ho nna: Porofetela moya, o porofete, mora motho; ere ho moya: Morena Jehova o re: Moya, tswa meyeng e mene, o budulele ditopo tsena, hore di phele.
10. Yaba ke porofeta kamoo a ntaetseng kateng, mme moya wa kena ho tsona; tsa phela, tsa ba tsa ema ka maoto, e le sera se seholo haholoholo.
11. Yaba o re ho nna: Mora motho, masapo ao ke ntlo yohle ya Iseraele. Bona, ba re: Masapo a rona a omeletse, tshepo ya rona e timetse, re fedisitswe.
12. Ha ho le jwalo, o porofete, o re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla phetla mabitla a lona, ke le nyolle mabitleng a lona, lona setjhaba sa ka, ke le busetse naheng ya Iseraele.
13. Etlare hobane ke phetle mabitla a lona, ke le nyolle mabitleng a lona, lona setjhaba sa ka, le tla tseba hoba ke nna Jehova.
14. Mme ke tla kenya moya wa ka ho lona, le tle ke phele: ke tla le busetsa naheng ya lona, mme le tla tseba hoba ke nna Jehova ke boletseng hoo, ke ho etsang: ho rialo Jehova.
15. Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:
16. Haele wena, mora motho, o inkele sefate, o ngole ho sona lengolo le reng: Sa Juda le sa bana ba Iseraele ba kopaneng le yena. O boele o nke sefate se seng, o ngole ho sona lengolo le reng: Sa Josefa: sefate sa Efraime le sa bohle ba ntlo ya Iseraele ba kopaneng le yena.
17. O ntoo di kopanya ho di etsa sefate se le seng, hore di etse sefate se le seng letsohong la hao.
18. Etlere ha bana ba letjhaba le heno ba bua le wena, ba re: Na o ke ke wa re hlalosetsa seo o se tshwantshang ka ntho tseo na?
19. O re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla nka sefate sa Josefa se letsohong la Efraime, le meloko ya Iseraele e kopaneng le yena, ke di bee ho se seng, e leng sefate sa Juda; ke tla di etsa sefate se le seng, di etse sefate se le seng letsohong la ka.
20. Difate tseo o ngodileng ho tsona di tla ba letsohong la hao, pontsheng ya bona;
21. mme o tla re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke tla ya nka bana ba Iseraele ditjhabeng tseo ba ileng ho tsona, ke ba phuthe ka nqa tsohle, ke ba busetse naheng ya bona.
22. Ke tla ba etsa setjhaba se le seng lefatsheng, dithabeng tsa Iseraele. Eo e tla ba morena wa bona e tla ba morena a le mong; e ke ke ya hlola e eba tjhaba tse pedi, di ke ke tsa hlola di arohana ho etsa mebuso e mmedi.
23. Ha ba sa tla itshilafatsa ka ditshwantsho tsa bona, le ka manyala a bona, le ka meikgantsho yohle ya bona; ke tla ba ntsha meahong yohle ya bona eo ba sitilweng ho yona, ke ba hlwekise, mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona.