5. Morena Jehova o re ho masapo ao: Bonang, ke tla kenya moya ka ho lona, le tle le tsohe;
6. ke le apese ka mesifa, le ho medisa nama ho lona, le ho le apesa ka letlalo, le ho kenya moya ho lona, le tle le tsohe; mme le tla tseba hoba ke nna Jehova.
7. Yaba ke porofeta kamoo ke laetsweng kateng; ka re ke ntse ke porofeta, ha hlaha modumo, mme ka bona masapo a sisinyeha masapo, mme a atamelana, lesapo ho lesapo la lona.
8. Ka re ke ntse ke tadimile, ka bona ho hlaha mesifa ho wona, le yona nama ya mela, mme letlalo la kwahela hohle, ho mpa ho se moya ho wona.
9. Yaba o re ho nna: Porofetela moya, o porofete, mora motho; ere ho moya: Morena Jehova o re: Moya, tswa meyeng e mene, o budulele ditopo tsena, hore di phele.
10. Yaba ke porofeta kamoo a ntaetseng kateng, mme moya wa kena ho tsona; tsa phela, tsa ba tsa ema ka maoto, e le sera se seholo haholoholo.
11. Yaba o re ho nna: Mora motho, masapo ao ke ntlo yohle ya Iseraele. Bona, ba re: Masapo a rona a omeletse, tshepo ya rona e timetse, re fedisitswe.
12. Ha ho le jwalo, o porofete, o re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla phetla mabitla a lona, ke le nyolle mabitleng a lona, lona setjhaba sa ka, ke le busetse naheng ya Iseraele.