24. Mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona, e be modisa wa bona bohle; ba tla tsamaya ka ditaelo tsa ka, ba boloke dikomelo tsa ka, ba di etse.
25. Ba tla aha lefatsheng leo ke neng ke le nee mohlanka wa ka Jakobo, leo bontata lona ba neng ba ahe ho lona: ba tla aha ho lona, e le bona, le bara ba bona, le ditloholo tsa bona kamehla; mme mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona kamehla.
26. Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso; e tla ba selekane se sa feleng le bona; ke tla ba tiisa, ke ba atise, mme ke tla bea sehalalelo sa ka hara bona ka ho sa feleng.
27. Tabernakele ya ka e tla ba hodima bona, mme ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.
28. Ke hona ditjhaba di tla tseba hoba ke nna Jehova ya halaletsang Iseraele, ha di bona sehalalelo sa ka se le hara bona ka ho sa feleng.