Esekiele 36:22-38 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Ha ho le jwalo, ere ho ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Ha ke etsetse lona, ntlo ya Iseraele: ke etsetsa lebitso la ka le kgethehileng, leo le le sentseng ditjhabeng tseo le fihlileng ho tsona.

23. Le hona ke tla halaletsa lebitso la ka le leholo, le sentsweng hara ditjhaba tseo le le sentseng hara tsona, hore ditjhaba di tle di tsebe hoba ke nna Jehova, mohla nna, ke leng Morena Jehova, ke ikgalaletsang ka lona pela mahlo a tsona.

24. Ke tla le lata ditjhabeng, ke le phuthe mafatsheng wohle, ke tle ke le busetse naheng ya heno.

25. Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.

26. Ke tla le nea pelo e ntjha, ke kenye moya o motjha kahare ho lona; ke tla tlosa pelo ya lejwe nameng ya lona, ke le nee pelo ya nama.

27. Ke tla bea moya wa ka hare ho lona, mme ke tla le tsamaisa dikomelong tsa ka, ke etse hore le boloke ditaelo tsa ka, hore le di phethe.

28. Le tla aha lefatsheng leo ke neng ke le nee bontata lona, le be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona.

29. Ke tla le ntsha ditshileng tsa lona tsohle, mme ke tla mema koro, ke e atise, ke se ke ka hlola ke le romela tlala;

30. ke tla atisa ditholwana tsa difate, le se melang masimong, hore le se ke la hlola le jara sekgobo sa tlala hara ditjhaba.

31. Mohlang oo, le tla elellwa mekgwa yohle e mebe ya lona le diketso tsa lona tse se nang botle, le ikgobohellwe ka baka la makgopo a lona le la manyala a lona.

32. Ke mpa ke sa etse ka baka la lona, ho rialo Morena Jehova; sena se ke se tsejwe ke lona; hlajwang ke dihlong, le swabe ke mekgwa ya lona, ntlo ya Iseraele!

33. Morena Jehova o re: Mohla ke le ntlafatsang hore le hloke makgopo a lona, ke tla etsa hore metse e ahuwe, mme dithako di tsoswe.

34. Lefatshe le lefeella le tla lengwa, le se ke la hlola le eba lefeella mahlong a bohle ba fetang ka tsela;

35. ba tla re: Lefatshe leno, e neng e le lefeella, le fetohile le ka tshimo ya Edene; metse eno, e neng e timeditswe, e entsweng dithako, e heleditsweng, e fetohile diqhobosheane, e ahilwe.

36. Kahoo, ditjhaba tse setseng, tse le kopileng ka nqa tsohle, di tla tseba hoba ke nna Jehova ke tsositseng metse e heleditsweng, ke boetseng ke lemile lefeella. Ke nna Jehova ke bolelang seo, ke se etsang.

37. Morena Jehova a re: Ke sa tla dumela ho batlelwa ho hong ke ba ntlo ya Iseraele hore ke ba etsetse hona: ke tla ba atisetsa batho ba be ka ka mohlape wa dinku.

38. Jwaloka mehlape ya dinku tse kgethetsweng mahlabelo, e leng mehlape ya Jerusalema diphuthehong tsa teng tse mahlonoko, ka mokgwa o jwalo, metse e timeditsweng e tla tlala mehlape ya batho, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.

Esekiele 36