11. Ho lona, ke tla ngatafatsa batho le diphoofolo; ba tla ata, le ho ngatafala. Ke tla etsa hore le ahuwe jwaloka mehleng ya lona ya kgale, ke le etse hantle ho feta mehleng ya qalo ya lona; le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.
12. Ke tla tlisa batho ho lona, e leng ho re setjhaba sa ka sa Iseraele. Ba tla o rua, o tla ba lefa la bona, mme ha o sa tla ba tima bana.
13. Morena Jehova o re: Erekaha o bolelwa ka ho re: Wena lefatshe, o ja batho, o tima setjhaba sa heno bana!
14. Ha ho le jwalo, ha o sa tla ja batho, ha o sa tla tima setjhaba sa heno bana: ho rialo Morena Jehova.
15. Ha nka ke ka hlola ke utlwahatsa dinyefolo tsa ditjhaba ha eno, ha o sa tla jara sekgobo sa ditjhaba, ha o sa tla kgopisa setjhaba sa heno: ho bolela Morena Jehova.
16. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:
17. Mora motho, ba ntlo ya Iseraele ha ba ne ba sa ahile naheng ya bona, ba ne ba e silafatsa ka mekgwa le ka diketso tsa bona; kamoo ditshila tsa mosadi di leng kateng, ho se hlwekeng ha hae, mekgwa ya bona e ne e le jwalo pela ka.
18. Mme ke ne ke ba tshollele kgalefo ya ka ka baka la madi ao ba neng ba a tsholotse lefatsheng, le ka baka la hobane ba ne ba le silafaditse ka ditshwantsho tsa bona.
19. Ka ba ka ba qhalanyetsa ditjhabeng, ba hasanngwa mafatsheng wohle; ka ba ahlola ka mekgwa ya bona le ka diketso tsa bona.
20. Eitse hobane ba fihle ditjhabeng tseo ba fihlileng ho tsona, ba senya lebitso la ka le kgethehileng, ha ho no ho ntse ho thwe ka bona: Bana ke setjhaba sa Jehova, ba tswile lefatsheng la hae.
21. Ka mpa ka qenehela lebitso la ka le kgethehileng, leo ba ntlo ya Iseraele ba le sentseng ditjhabeng tseo ba neng ba fihle ho tsona.
22. Ha ho le jwalo, ere ho ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Ha ke etsetse lona, ntlo ya Iseraele: ke etsetsa lebitso la ka le kgethehileng, leo le le sentseng ditjhabeng tseo le fihlileng ho tsona.
23. Le hona ke tla halaletsa lebitso la ka le leholo, le sentsweng hara ditjhaba tseo le le sentseng hara tsona, hore ditjhaba di tle di tsebe hoba ke nna Jehova, mohla nna, ke leng Morena Jehova, ke ikgalaletsang ka lona pela mahlo a tsona.
24. Ke tla le lata ditjhabeng, ke le phuthe mafatsheng wohle, ke tle ke le busetse naheng ya heno.
25. Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.