1. Oho mora motho, o porofetele dithaba tsa Iseraele, o re: Thaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Jehova!
2. Morena Jehova o re: Erekaha sera se le boletse ka ho re: Haiaha! diphahama tseno tse sa feleng ke leruo la rona.
3. Ha ho le jwalo, o porofete, o re: Morena Jehova o re: Erekaha le entswe lefeella, mme la teelwa hare hore le timele, le tle le ruwe ke masala a ditjhaba, mme le fetohe thusolelo ya melomo le ya maleme, le sekgobo ho ditjhaba;
4. ha ho le jwalo, thaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Jehova! Morena Jehova o re ho dithaba le dithabana, ho melapo le dikgutlo, ho dithako tse feela le ho metse e tlohetsweng, e neetsweng kgapo le sesomo sa masala a ditjhaba tse e teetseng hare ka nqa tsohle;
5. Morena Jehova o re: Mollong wa poulelo ya ka, kannete ke nyatsa ditjhaba tse ding le Edomo kaofela, tse inkelang lefatshe la ka ho le rua; di thabetse hoo ka pelo yohle, di le kgesa ka moya wohle, hore di le neele kgapo!
6. Ha ho le jwalo, porofetela naha ya Iseraele, o re ho dithaba le dithabana, melapo le dikgutlo: Morena Jehova o re: Ke nna enwa; poulelong ya ka le kgalefong ya ka ke a bua, hobane le fela le jere sekgobo sa ditjhaba.
7. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Ke emiseditse letsoho la ka hodimo; kannete ditjhaba tse le teetseng hare di tla jara sekgobo sa tsona!
8. Haele lona, dithaba tsa Iseraele, le tla hlomela mahlomela a lona, le beele setjhaba sa ka sa Iseraele ditholwana tsa lona, hobane se se se le lekgatheng la ho fihla.
9. Bonang, ke fela ke ya tla ho lona, ke retelehele ho lona; le tla lengwa, le be le jalwe.