Esekiele 35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Baedomo ba porofetelwa dikahlolo.

1. Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:

2. Mora motho, o retelletse thaba ya Seire sefahleho sa hao, o e porofetele,

3. o re ho yona: Morena Jehova o re: Bona, ke tla o futuhela, thaba ya Seire, ke tla o otlollela letsoho la ka, ke o etse lesupi le tshenyeho.

4. Ke tla etsa metse ya hao dithako, mme wena o tla fetoha lefeella, o tle o tsebe hoba ke nna Jehova.

5. Erekaha o ne o hloile bana ba Iseraele ka hloyo e sa feleng, wa ba wa ba neela lerumo, mohla kotlo ya bona, mohla e seng e le bofelo ba bokgopo ba bona,

6. ka baka leo, ke a phela, ho bolela Morena Jehova: Ke tla tsholla madi a hao, mme madi a tla o phallela; erekaha o sa ka wa hloya madi, madi a tla o phallela.

7. Ke tla etsa thaba ya Seire lefeella le nahathothe, ke kgaole ba yang teng le ba kgutlang teng.

8. Ke tla tlatsa thaba tsa hae ka babolauwa ba hae. Maralleng a hao, le dikgutlong tsa hao, le melapong yohle ya hao, ho tla wela ba bolailweng ka lerumo.

9. Ke tla o etsa mafeella a mehla, mme metse ya hao ha e sa tla ahuwa, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.

10. Erekaha o boletse, wa re: Ditjhaba tseo tse pedi le dinaha tseo tse pedi e tla ba tsa ka, mme re tla di rua, athe Jehova o ntse a le teng;

11. ha ho le jwalo, ka nna ya phelang, ho bolela Morena Jehova, ke tla etsa ka kgalefo ya hao le ka lefufa la hao, jwalokaha o ba entse ka hloyo ya hao; ke tla itsebahatsa hara bona ka kahlolo eo ke tla o ahlola ka yona;

12. o tle o tsebe hoba nna, Jehova, ke utlwile dinyefolo tsohle tsa hao tseo o nyefotseng dithaba tsa Iseraele ka tsona, ha o itse: Di fetohile lefeella; di neilwe rona, hore e be dijo tsa rona.

13. La ikgohomosetsa nna ka melomo ya lona, la mpokellela mantswe a lona; mme ka utlwa.

14. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Mohla lefatshe lohle le thabang, ke tla o tlisetsa tshenyeho.

15. Jwalokaha o ne o thabele lefa la ntlo ya Iseraele, kamoo le neng le senyehile kateng, ke tla o etsa jwalo; o tla fetoha lefeella, wena thaba ya Seire, le Edomo kaofela ha hae; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.