20. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re ho tsona: Bonang, ke nna enwa. Ke tla etsa kahlolo mahareng a nku e nonneng le nku e otileng.
21. Erekaha le sututsa ka lehlakore le ka lehetla, le thesela dinku tsohle tse tepeletseng ka manaka a lona, ho fihlela le di qhalanyetsa kantle,
22. ke tla pholosa dinku tsa ka, di ke ke tsa nna tsa rusollwa; ke tla etsa kahlolo mahareng a nku le nku e nngwe.
23. Ke tla di hlahisetsa modisa a le mong, mme o tla di disa; e tla ba mohlanka wa ka Davida; ke yena ya tla di disa, eo e tla ba modisa wa tsona.
24. Nna, ke le Jehova, ke tla ba Modimo wa tsona, mme mohlanka wa ka Davida e tla ba morena hara tsona. Ke nna Jehova ke boletseng tseo.
25. Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso, ke etse hore dibatana di hlokahale lefatsheng; ba tla aha lefeelleng ba iketlile, ba robale merung.
26. Bona le ba ka mathoko ho leralla la ka, ke tla ba etsetsa hlohonolofatso; ke tla nesa pula ka nako ya yona; dikgohola di tla ba teng tsa mahlohonolo.
27. Sefate se naheng se tla beha ditholwana tsa sona, lefatshe le behe tsa lona; ba tla iketla naheng ya bona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ke robang difate tsa joko ya bona, ke ba namolelang matsohong a ba ba sebedisang.