Esekiele 34:14-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ke tla di disa makgulong a matle, metebo ya tsona e tla ba dithabeng tse phahameng tsa Iseraele; di tla botha teng metebong e metle, di fule makgulong a nonneng, dithabeng tsa Iseraele.

15. Dinku tsa ka di tla diswa ke nna, ke nna ke tla di bothisa: ho rialo Morena Jehova.

16. Ke tla batla e lahlehileng, ke late e kgelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang; empa ke tla timetsa e nonneng le e matla; ke tla di disa ka ho loka.

17. Ha ho le jwalo, oho lona dinku tsa ka, Morena Jehova o re: Bonang, ke tla etsa kahlolo mahareng a nku le nku e nngwe, le mahareng a kgatala le pheleu.

18. Na ho lona ke ntho e nyenyane ha le fula makgulong ana a matle, haele moo le hata jwang bo setseng ka maoto a lona, leha le enwa metsi a hlwekileng, haele moo le duka a setseng ka maoto a lona na?

19. Ebe dinku tsa ka di tshwanetse ho fula moo le hatileng ka maoto a lona, le ho nwa metsi ao maoto a lona a a dukileng!

20. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re ho tsona: Bonang, ke nna enwa. Ke tla etsa kahlolo mahareng a nku e nonneng le nku e otileng.

21. Erekaha le sututsa ka lehlakore le ka lehetla, le thesela dinku tsohle tse tepeletseng ka manaka a lona, ho fihlela le di qhalanyetsa kantle,

22. ke tla pholosa dinku tsa ka, di ke ke tsa nna tsa rusollwa; ke tla etsa kahlolo mahareng a nku le nku e nngwe.

23. Ke tla di hlahisetsa modisa a le mong, mme o tla di disa; e tla ba mohlanka wa ka Davida; ke yena ya tla di disa, eo e tla ba modisa wa tsona.

Esekiele 34