Esekiele 34:10-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Morena Jehova o re: Bonang, ke ya lwantsha badisa, ke tla batla dinku tsa ka matsohong a bona, ke etse hore ba lese ho disa mohlape; badisa ha ba sa tla itisa, ke tla namolela mohlape wa ka melomong ya bona, ha e sa tla ba dijo tsa bona.

11. Hobane Morena Jehova o re: E se e le nna enwa; ke tlile ho batla dinku tsa ka, mme ke tla di hlahlobisisa.

12. Jwalokaha modisa a hlahlobisisa mohlape wa hae mohla a tshohang a le hara dinku tsa hae tse hasaneng, ke tla hlahlobisisa dinku tsa ka jwalo, ke di ntshe dinqalong tsohle tseo di qhalanetseng ho tsona, mohla letsatsi la maru le la lefifi.

13. Ke tla di ntsha hara ditjhaba, ke di phuthe mafatsheng wohle; ke ntoo di tlisa naheng ya tsona, ke di dise dithabeng tsa Iseraele, dihlohleng tsa melapo le metebong yohle ya naha.

14. Ke tla di disa makgulong a matle, metebo ya tsona e tla ba dithabeng tse phahameng tsa Iseraele; di tla botha teng metebong e metle, di fule makgulong a nonneng, dithabeng tsa Iseraele.

15. Dinku tsa ka di tla diswa ke nna, ke nna ke tla di bothisa: ho rialo Morena Jehova.

16. Ke tla batla e lahlehileng, ke late e kgelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang; empa ke tla timetsa e nonneng le e matla; ke tla di disa ka ho loka.

17. Ha ho le jwalo, oho lona dinku tsa ka, Morena Jehova o re: Bonang, ke tla etsa kahlolo mahareng a nku le nku e nngwe, le mahareng a kgatala le pheleu.

18. Na ho lona ke ntho e nyenyane ha le fula makgulong ana a matle, haele moo le hata jwang bo setseng ka maoto a lona, leha le enwa metsi a hlwekileng, haele moo le duka a setseng ka maoto a lona na?

19. Ebe dinku tsa ka di tshwanetse ho fula moo le hatileng ka maoto a lona, le ho nwa metsi ao maoto a lona a a dukileng!

20. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re ho tsona: Bonang, ke nna enwa. Ke tla etsa kahlolo mahareng a nku e nonneng le nku e otileng.

21. Erekaha le sututsa ka lehlakore le ka lehetla, le thesela dinku tsohle tse tepeletseng ka manaka a lona, ho fihlela le di qhalanyetsa kantle,

22. ke tla pholosa dinku tsa ka, di ke ke tsa nna tsa rusollwa; ke tla etsa kahlolo mahareng a nku le nku e nngwe.

23. Ke tla di hlahisetsa modisa a le mong, mme o tla di disa; e tla ba mohlanka wa ka Davida; ke yena ya tla di disa, eo e tla ba modisa wa tsona.

Esekiele 34