Esekiele 34:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:

2. Mora motho, porofetela badisa ba Iseraele, o porofete, o re ho badisa bao: Morena Jehova o re: Ho madimabe badisa ba Iseraele ba itisang; ha ke re, badisa ba tshwanetse ho disa mohlape?

3. Le ja mafura, le ikapesa ka boya; le hlaba tse nonneng, empa ha le dise mohlape.

4. Dinku tse tepeletseng ha le di natlafatse; e kulang ha le e phekole; le e leqeba ha le e tlamelle; ha le late e kgelohileng, leha e le ho batla e lahlehileng; le mpa le di busa ka thata le ka sehlooho.

5. Ka ho hloka modisa, di ile tsa qhalana; ya eba dijo tsa dibatana tsohle tsa naha, tsa hasana.

6. Dinku tsa ka di lelera dithabeng tsohle le maralleng wohle a phahameng; dinku tsa ka di qhalane lefatsheng lohle, ho se ya di botsang, ho se ya di batlang.

7. Ha ho le jwalo, badisa, mamelang lentswe la Jehova.

Esekiele 34