9. Ha o mpa o eletsa molotsana hore a furalle mokgwa wa hae, leha a ke ke a furalla tsela ya hae, yena o tla timela ka bokgopo ba hae, empa wena etlaba o pholositse moya wa hao.
10. Oho mora motho, ere ho ba ntlo ya Iseraele: Le bolela, le re: Kannete maikgantsho a rona le dibe tsa rona di ho rona, re timela ka baka la tsona; re ka phela ha re etsa jwang na?
11. Ere ho bona: Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha ke kgahlwe ke lefu la molotsana, ke kgahlwa ke molotsana ha a baka mokgweng wa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekgweng e mebe ya lona! Le rata ho shwa ka baka lang, lona ntlo ya Iseraele?
12. Mora motho, ere ho bana ba letjhaba la heno: Ho loka ha ya lokileng ha ho ka ke ha mo namolela tsatsing la boikgantsho ba hae, bolotsana ba molotsana ha bo ka ke ba mo diha tsatsing leo a bakang bolotsaneng ba hae; ho jwalo le ya lokileng, ha a ka ke a phela ka ho loka ha hae tsatsing leo a sitwang ka lona.
13. Ekare ha ke bolella ya lokileng hore o tla phela, ... ha a ka itshepela ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, ho loka hohle ha hae ha ho ka ke ha hopolwa, empa o tla shwa ka bokgopo boo a bo entseng.
14. Leha nka re ho molotsana: O fela o tla shwa! ha a ka baka sebeng sa hae, a ya ka taelo le ka ho loka,
15. ha molotsana a ka busa tebeletso, a busa seo a se utswitseng, a tsamaya ka dikomelo tsa bophelo, a sa etse bokgopo, kannete o tla phela, ha a ka ke a shwa.
16. Dibe tsohle tseo a sitilweng ka tsona, ha di sa na ho hopolwa ho mo tswa: ke ya etsang ka ho loka le ka taelo; kannete o tla phela.
17. Empa bana ba letjhaba la heno ba re: Tsela ya Morena ha e a loka; athe e sa lokang ke tsela ya bona.
18. Ekare ha ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, o tla shwa kahoo;
19. ho jwalo le molotsana, ha a kgeloha bolotsana ba hae, a etsa ka taelo le ka ho loka, o tla phela ka tseo.
20. Athe le re: Tsela ya Morena ha e a loka! Ke tla le ahlola e mong le e mong ka tsela tsa hae, lona ntlo ya Iseraele.
21. Ka selemo sa leshome le metso e mmedi sa kgoleho ya rona, ka kgwedi ya leshome, ka la bohlano la kgwedi mophonyohi e mong wa Jerusalema a fihla ha ka, a re: Motse o hlotswe.
22. Letsoho la Jehova la eba ho nna ka phirimana, mophonyohi a eso ho fihle, mme Jehova a ahlamisa molomo wa ka, ho fihlela a ba a etla ho nna hosasa; molomo wa ka wa ahlamiswa, ha ke a ka ka hlola ke eba semumu.
23. Yaba lentswe la Modimo le ntlela, la re: