4. ha e mong a utlwile modumo wa phala, a sa hlokomele, leha lerumo le ka tla, la ya le yena, madi a hae a tla ba hloohong ya hae:
5. o utlwile modumo wa phala, mme ha a ka a hlokomela; madi a hae a be ho yena. Empa ha a hlokomela, o tla pholosa moya wa hae.
6. Haele sebohodi, ekare ha se bona lerumo le etla, se sa letse phala, mme setjhaba se sa eletswe, leha lerumo le ka tla, la ya le e mong wa bona, etlaba eo o shwele ka bokgopo ba hae, empa ke tla batla madi a hae letsohong la sebohodi.
7. Haele wena, mora motho, ke o entse sebohodi sa ntlo ya Iseraele. O tla mamela lentswe le tswang molomong wa ka, o ba eletse ka lebitso la ka.
8. Ha nka re ho molotsana: Molotsana, kannete o tla shwa! ... ha o sa bue ho eletsa molotsana eo hore a furalle mokgwa wa hae, molotsana eo o tla timela ka bokgopo ba hae, empa ke tla batla madi a hae letsohong la hao.
9. Ha o mpa o eletsa molotsana hore a furalle mokgwa wa hae, leha a ke ke a furalla tsela ya hae, yena o tla timela ka bokgopo ba hae, empa wena etlaba o pholositse moya wa hao.
10. Oho mora motho, ere ho ba ntlo ya Iseraele: Le bolela, le re: Kannete maikgantsho a rona le dibe tsa rona di ho rona, re timela ka baka la tsona; re ka phela ha re etsa jwang na?
11. Ere ho bona: Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha ke kgahlwe ke lefu la molotsana, ke kgahlwa ke molotsana ha a baka mokgweng wa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekgweng e mebe ya lona! Le rata ho shwa ka baka lang, lona ntlo ya Iseraele?
12. Mora motho, ere ho bana ba letjhaba la heno: Ho loka ha ya lokileng ha ho ka ke ha mo namolela tsatsing la boikgantsho ba hae, bolotsana ba molotsana ha bo ka ke ba mo diha tsatsing leo a bakang bolotsaneng ba hae; ho jwalo le ya lokileng, ha a ka ke a phela ka ho loka ha hae tsatsing leo a sitwang ka lona.
13. Ekare ha ke bolella ya lokileng hore o tla phela, ... ha a ka itshepela ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, ho loka hohle ha hae ha ho ka ke ha hopolwa, empa o tla shwa ka bokgopo boo a bo entseng.
14. Leha nka re ho molotsana: O fela o tla shwa! ha a ka baka sebeng sa hae, a ya ka taelo le ka ho loka,
15. ha molotsana a ka busa tebeletso, a busa seo a se utswitseng, a tsamaya ka dikomelo tsa bophelo, a sa etse bokgopo, kannete o tla phela, ha a ka ke a shwa.
16. Dibe tsohle tseo a sitilweng ka tsona, ha di sa na ho hopolwa ho mo tswa: ke ya etsang ka ho loka le ka taelo; kannete o tla phela.