19. ho jwalo le molotsana, ha a kgeloha bolotsana ba hae, a etsa ka taelo le ka ho loka, o tla phela ka tseo.
20. Athe le re: Tsela ya Morena ha e a loka! Ke tla le ahlola e mong le e mong ka tsela tsa hae, lona ntlo ya Iseraele.
21. Ka selemo sa leshome le metso e mmedi sa kgoleho ya rona, ka kgwedi ya leshome, ka la bohlano la kgwedi mophonyohi e mong wa Jerusalema a fihla ha ka, a re: Motse o hlotswe.
22. Letsoho la Jehova la eba ho nna ka phirimana, mophonyohi a eso ho fihle, mme Jehova a ahlamisa molomo wa ka, ho fihlela a ba a etla ho nna hosasa; molomo wa ka wa ahlamiswa, ha ke a ka ka hlola ke eba semumu.
23. Yaba lentswe la Modimo le ntlela, la re:
24. Mora motho, ba ahileng dithakong tsane, lefatsheng la Iseraele, ba bolela hore: Abrahama o ne a le mong; leha ho le jwalo, a rua lefatshe; rona, re bangata, lefatshe lena re le neilwe hore re le rue.
25. Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Le jellela le madi, le emisetsa mahlo a lona ditshwantshong tsa lona, le tsholla madi; mme le re, le tla rua lefatshe lena?
26. Le itshetleha ka marumo a lona, le etsa manyala, e mong le e mong wa lona o silafatsa mosadi wa wa habo; ... mme le re, le tla rua lefatshe lena?
27. Ere ho bona: Morena Jehova o re: Ke a phela! ba dithakong ba tla dihuwa ke lerumo; ba naheng ke tla ba nea dibatana, e be dijo tsa tsona; ba diqhobong le mahaheng ba tla shwa ke lefu la sewa.
28. Ke tla etsa lefatshe nahathothe le lefeella, boikgohomoso bo matla ba lona bo tla fela, dithaba tsa Iseraele di senyehe, ho se e mong ya tlang ho feta ho tsona.
29. Mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova, ha ke se ke entse lefatshe nahathothe le lefeella, ka baka la manyala wohle ao ba a entseng.
30. Haele wena, mora motho, bana ba letjhaba la heno ba buisana ka tsa hao, ba eme marakong le menyakong ya matlo, ba buisana e mong le e mong le ngwanabo, ba re: Tloong hle, le mamele lentswe le tswileng ho Jehova!
31. Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.
32. Ho bona o ka sebini se kgahlehang, se lentswe le letle, se tsebang ho letsa harepa. Ba mamela mantswe a hao jwalo, empa ha ba ye ka wona.
33. Empa mohla taba e etsahalang — bonang, e se e le yona — ba tla tseba hoba moporofeta o ne a le teng hara bona.