13. Ekare ha ke bolella ya lokileng hore o tla phela, ... ha a ka itshepela ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, ho loka hohle ha hae ha ho ka ke ha hopolwa, empa o tla shwa ka bokgopo boo a bo entseng.
14. Leha nka re ho molotsana: O fela o tla shwa! ha a ka baka sebeng sa hae, a ya ka taelo le ka ho loka,
15. ha molotsana a ka busa tebeletso, a busa seo a se utswitseng, a tsamaya ka dikomelo tsa bophelo, a sa etse bokgopo, kannete o tla phela, ha a ka ke a shwa.
16. Dibe tsohle tseo a sitilweng ka tsona, ha di sa na ho hopolwa ho mo tswa: ke ya etsang ka ho loka le ka taelo; kannete o tla phela.
17. Empa bana ba letjhaba la heno ba re: Tsela ya Morena ha e a loka; athe e sa lokang ke tsela ya bona.
18. Ekare ha ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, o tla shwa kahoo;
19. ho jwalo le molotsana, ha a kgeloha bolotsana ba hae, a etsa ka taelo le ka ho loka, o tla phela ka tseo.
20. Athe le re: Tsela ya Morena ha e a loka! Ke tla le ahlola e mong le e mong ka tsela tsa hae, lona ntlo ya Iseraele.
21. Ka selemo sa leshome le metso e mmedi sa kgoleho ya rona, ka kgwedi ya leshome, ka la bohlano la kgwedi mophonyohi e mong wa Jerusalema a fihla ha ka, a re: Motse o hlotswe.
22. Letsoho la Jehova la eba ho nna ka phirimana, mophonyohi a eso ho fihle, mme Jehova a ahlamisa molomo wa ka, ho fihlela a ba a etla ho nna hosasa; molomo wa ka wa ahlamiswa, ha ke a ka ka hlola ke eba semumu.
23. Yaba lentswe la Modimo le ntlela, la re:
24. Mora motho, ba ahileng dithakong tsane, lefatsheng la Iseraele, ba bolela hore: Abrahama o ne a le mong; leha ho le jwalo, a rua lefatshe; rona, re bangata, lefatshe lena re le neilwe hore re le rue.
25. Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Le jellela le madi, le emisetsa mahlo a lona ditshwantshong tsa lona, le tsholla madi; mme le re, le tla rua lefatshe lena?
26. Le itshetleha ka marumo a lona, le etsa manyala, e mong le e mong wa lona o silafatsa mosadi wa wa habo; ... mme le re, le tla rua lefatshe lena?
27. Ere ho bona: Morena Jehova o re: Ke a phela! ba dithakong ba tla dihuwa ke lerumo; ba naheng ke tla ba nea dibatana, e be dijo tsa tsona; ba diqhobong le mahaheng ba tla shwa ke lefu la sewa.