Esekiele 33:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lentswe la Jehova la ntlela, la re:

2. Mora motho, bua ho bana ba letjhaba la heno, o re ho bona: Ekare ha ke tlisetsa lefatshe le itseng lerumo, mme setjhaba sa lefatshe leo se inkela monna hara sona, ho mmea sebohodi sa sona;

3. ha a bona lerumo le tlela lefatshe leo, mme a letsa phala, a eletsa setjhaba;

4. ha e mong a utlwile modumo wa phala, a sa hlokomele, leha lerumo le ka tla, la ya le yena, madi a hae a tla ba hloohong ya hae:

5. o utlwile modumo wa phala, mme ha a ka a hlokomela; madi a hae a be ho yena. Empa ha a hlokomela, o tla pholosa moya wa hae.

6. Haele sebohodi, ekare ha se bona lerumo le etla, se sa letse phala, mme setjhaba se sa eletswe, leha lerumo le ka tla, la ya le e mong wa bona, etlaba eo o shwele ka bokgopo ba hae, empa ke tla batla madi a hae letsohong la sebohodi.

7. Haele wena, mora motho, ke o entse sebohodi sa ntlo ya Iseraele. O tla mamela lentswe le tswang molomong wa ka, o ba eletse ka lebitso la ka.

Esekiele 33