Esekiele 32:9-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Ke tla sisinya dipelo tsa ditjhaba tse ngata, mohla ke fihlisang pehi ya hao ditjhabeng, mafatsheng a sa tsejweng ke wena.

10. Hape, ke tla makatsa matjhaba a mangata ka wena, marena a wona a qhaqhasele ka baka la hao mohla ke nonyang lerumo la ka pontsheng ya wona; a tla thothomela ka dinako tsohle, e mong le e mong bakeng sa bophelo ba hae, mohla letsatsi la ho wa ha hao.

11. Hobane Morena Jehova o re: Lerumo la morena wa Babilona le a o futuhela.

12. Ka marumo a dinatla ke tla diha bongata ba batho ba hao. Ke bona ba leng thata hara ditjhaba; ba tla etsa bokgabane ba Egepeta lesupi, bongata bohle ba batho ba teng bo timetswe.

13. Ke tla fedisa dikgomo tsohle tsa teng pela metsi a maholo; ha a sa tla dukwa ke leoto la motho, ha ho sa tla ba kgomo e a dukang ka tlhako ya yona.

14. Mohlang oo ke tla sekisa metsi a bona, ke mathise dinoka tsa bona jwaloka hoja e le tsa ole, ho bolela Morena Jehova,

15. mohla ke etsang naha ya Egepeta lesupi le lefeella, lefatshe le hlokang tsohle, le mohla ke otlang bohle ba ahileng ho yona, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.

16. Ke yona kodiyamalla, mme e tla binwa. Barwetsana ba baditjhaba ba tla bina kodiyamalla eo; ba tla bina kodiyamalla eo ka Egepeta le ka bongata ba batho ba teng: ho bolela Morena Jehova.

17. Eitse ka selemo sa leshome le metso e mmedi, ka la leshome le metso e mehlano la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:

18. Mora motho, bobola ka bongata ba batho ba Egepeta, o theolele Egepeta le baradi ba ditjhaba tse tumileng lefatsheng le katlase, hammoho le ba theohelang sehokong.

19. Na o feta mang ka botle? Theoha, a robale ho maqai.

20. Ba tla wela hara ba bolawang ke lerumo; ba neilwe lerumo; hulanyang Egepeta le matshwele wohle a teng.

Esekiele 32