Esekiele 32:3-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Morena Jehova o re: Ke se ke tla ala matlowa a ka hodima hao, phuthehong ya ditjhaba tse ngata, mme di tla o ntsha metsing ke letlowa la ka.

4. Ke tla o tlohela hona teng, fatshe, ke o akgele naheng, ke ahise dinonyana tsohle tsa lehodimo hodima hao, ke kgorise ka wena dibatana tsa lefatshe lohle.

5. Ke tla aneha nama ya hao dithabeng, ke tlatse dikgutlo ka metholo ya hao.

6. Ke tla nosa lefatshe madi a hao, mme a tla le aparela ho fihla dithabeng; dikgutlo di tla tlala wena.

7. Mohla ke o timang, ke tla kwahela mahodimo, ke fifatse dinaledi tsa wona; letsatsi ke tla le kwahela ka leru, mme kgwedi ha e sa tla hlahisa ngwedi ya yona.

8. Masedi wohle a bonesang mahodimong ke tla a fifatsa ka baka la hao, ke bee lefifi naheng ya hao: ho bolela Morena Jehova.

9. Ke tla sisinya dipelo tsa ditjhaba tse ngata, mohla ke fihlisang pehi ya hao ditjhabeng, mafatsheng a sa tsejweng ke wena.

10. Hape, ke tla makatsa matjhaba a mangata ka wena, marena a wona a qhaqhasele ka baka la hao mohla ke nonyang lerumo la ka pontsheng ya wona; a tla thothomela ka dinako tsohle, e mong le e mong bakeng sa bophelo ba hae, mohla letsatsi la ho wa ha hao.

11. Hobane Morena Jehova o re: Lerumo la morena wa Babilona le a o futuhela.

12. Ka marumo a dinatla ke tla diha bongata ba batho ba hao. Ke bona ba leng thata hara ditjhaba; ba tla etsa bokgabane ba Egepeta lesupi, bongata bohle ba batho ba teng bo timetswe.

13. Ke tla fedisa dikgomo tsohle tsa teng pela metsi a maholo; ha a sa tla dukwa ke leoto la motho, ha ho sa tla ba kgomo e a dukang ka tlhako ya yona.

14. Mohlang oo ke tla sekisa metsi a bona, ke mathise dinoka tsa bona jwaloka hoja e le tsa ole, ho bolela Morena Jehova,

15. mohla ke etsang naha ya Egepeta lesupi le lefeella, lefatshe le hlokang tsohle, le mohla ke otlang bohle ba ahileng ho yona, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.

Esekiele 32