20. Ba tla wela hara ba bolawang ke lerumo; ba neilwe lerumo; hulanyang Egepeta le matshwele wohle a teng.
21. Bahale ba hara dinatla ba bua le Egepeta le ba mo tlatsang, ba le nqalong ya bafu; maqai ao a dihilwe; a rapaletse, a bolailwe ke lerumo.
22. Assiria le yena o teng le setjhaba sohle sa hae; o teetswe hare ke mabitla a bona; ba bolailwe kaofela, bohle ba dihilwe ke lerumo.
23. Mabitla a bona a beilwe bodibeng ba sehoko, setjhaba sa hae se teetse lebitla la hae hare; ba bolailwe kaofela, ba dihilwe ke lerumo, e le ba neng ba hasa letsoso lefatsheng la ba utlwang.
24. Elame le yena o teng le bongata bohle ba batho ba hae; ba teetse lebitla la hae hare. Ba bolailwe kaofela, ba dihilwe ke lerumo; ke maqai a theohetseng lefatsheng le katlase, e le ba neng ba hasa letsoso lefatsheng la ba utlwang; jwale, ba jere dihlong tsa bona hammoho le ba theohelang sehokong.
25. O beetswe malao mahareng a ba bolailweng hammoho le bongata bohle ba hae; o teetswe hare ke mabitla a batho ba hae. Kaofela ha bona ke maqai, ba bolailwe ke lerumo, hobane letsoso la bona le ne le hasane lefatsheng la ba utlwang, mme ba jere dihlong tsa bona hammoho le ba theohetseng sehokong; ba beilwe hara ba bolailweng.
26. Mesheke o teng, le yena Tubale, le bongata bohle ba batho ba hae; ba teetswe hare ke mabitla a bona. Bohle ke maqai, ba bolailwe ke lerumo; hobane ba ne ba hasanya letsoso la bona lefatsheng la ba utlwang.
27. Ha ba robale ho bahale ba maqai ba weleng, ba theohetseng nqalong ya bafu ba hlomeletse ntwa, bao marumo a bona a neng a bewe tlasa dihlooho tsa bona; empa makgopo a bona a masapong a bona, hobane e ne e le bona letsoso la bahale lefatsheng la ba utlwang.
28. Le wena, o robilwe mahareng a maqai, o robetse ho ba bolailweng ke lerumo.
29. Edomo o teng, le marena le marenana wohle a hae, a beilweng le ba bolailweng ke lerumo, leha e ne e le bahale. Le bona ba robetse ho maqai le ho ba theohetseng sehokong.
30. Marena wohle a Leboya a teng le wona, le Basidone bohle; ba theohetse sehokong hammoho le ba bolailweng, ba le dihlong, leha e ne e le bao bohale ba bona bo neng bo hasa letsoso la bona; ke maqai a tla robala ho ba bolailweng ke lerumo, ba tla jara dihlong tsa bona hammoho le ba theohetseng sehokong.
31. Mohla Faro a ba bonang, o tla tshediseha bakeng sa bongata bohle ba batho ba hae. Faro le makgotla wohle a hae ba tla bolawa ke lerumo: ho bolela Morena Jehova.
32. Hobane ke hasitse letsoso la hae lefatsheng la ba utlwang; ha ho le jwalo, Faro le bongata bohle ba batho ba hae ba tla robala ho maqai, hammoho le ba bolailweng ke lerumo: ho bolela Morena Jehova.