Esekiele 32:14-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Mohlang oo ke tla sekisa metsi a bona, ke mathise dinoka tsa bona jwaloka hoja e le tsa ole, ho bolela Morena Jehova,

15. mohla ke etsang naha ya Egepeta lesupi le lefeella, lefatshe le hlokang tsohle, le mohla ke otlang bohle ba ahileng ho yona, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.

16. Ke yona kodiyamalla, mme e tla binwa. Barwetsana ba baditjhaba ba tla bina kodiyamalla eo; ba tla bina kodiyamalla eo ka Egepeta le ka bongata ba batho ba teng: ho bolela Morena Jehova.

17. Eitse ka selemo sa leshome le metso e mmedi, ka la leshome le metso e mehlano la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:

18. Mora motho, bobola ka bongata ba batho ba Egepeta, o theolele Egepeta le baradi ba ditjhaba tse tumileng lefatsheng le katlase, hammoho le ba theohelang sehokong.

19. Na o feta mang ka botle? Theoha, a robale ho maqai.

20. Ba tla wela hara ba bolawang ke lerumo; ba neilwe lerumo; hulanyang Egepeta le matshwele wohle a teng.

21. Bahale ba hara dinatla ba bua le Egepeta le ba mo tlatsang, ba le nqalong ya bafu; maqai ao a dihilwe; a rapaletse, a bolailwe ke lerumo.

22. Assiria le yena o teng le setjhaba sohle sa hae; o teetswe hare ke mabitla a bona; ba bolailwe kaofela, bohle ba dihilwe ke lerumo.

23. Mabitla a bona a beilwe bodibeng ba sehoko, setjhaba sa hae se teetse lebitla la hae hare; ba bolailwe kaofela, ba dihilwe ke lerumo, e le ba neng ba hasa letsoso lefatsheng la ba utlwang.

24. Elame le yena o teng le bongata bohle ba batho ba hae; ba teetse lebitla la hae hare. Ba bolailwe kaofela, ba dihilwe ke lerumo; ke maqai a theohetseng lefatsheng le katlase, e le ba neng ba hasa letsoso lefatsheng la ba utlwang; jwale, ba jere dihlong tsa bona hammoho le ba theohelang sehokong.

25. O beetswe malao mahareng a ba bolailweng hammoho le bongata bohle ba hae; o teetswe hare ke mabitla a batho ba hae. Kaofela ha bona ke maqai, ba bolailwe ke lerumo, hobane letsoso la bona le ne le hasane lefatsheng la ba utlwang, mme ba jere dihlong tsa bona hammoho le ba theohetseng sehokong; ba beilwe hara ba bolailweng.

Esekiele 32