Esekiele 32:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse ka selemo sa leshome le metso e mmedi, ka letsatsi la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:

2. Mora motho, etsa pina ya kodiyamalla ka Faro, morena wa Egepeta, o re ho yena: O ne o tshwana le tau hara ditjhaba; o ne o le jwaloka kwena mawatleng, o thala dinokeng tsa hao, o duka metsi ka maoto a hao, o etsa dinoka tsa heno dikgotlela.

3. Morena Jehova o re: Ke se ke tla ala matlowa a ka hodima hao, phuthehong ya ditjhaba tse ngata, mme di tla o ntsha metsing ke letlowa la ka.

4. Ke tla o tlohela hona teng, fatshe, ke o akgele naheng, ke ahise dinonyana tsohle tsa lehodimo hodima hao, ke kgorise ka wena dibatana tsa lefatshe lohle.

5. Ke tla aneha nama ya hao dithabeng, ke tlatse dikgutlo ka metholo ya hao.

6. Ke tla nosa lefatshe madi a hao, mme a tla le aparela ho fihla dithabeng; dikgutlo di tla tlala wena.

7. Mohla ke o timang, ke tla kwahela mahodimo, ke fifatse dinaledi tsa wona; letsatsi ke tla le kwahela ka leru, mme kgwedi ha e sa tla hlahisa ngwedi ya yona.

8. Masedi wohle a bonesang mahodimong ke tla a fifatsa ka baka la hao, ke bee lefifi naheng ya hao: ho bolela Morena Jehova.

Esekiele 32