1. Eitse ka selemo sa leshome le motso o mong, ka kgwedi ya boraro, ka la pele ho kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:
2. Mora motho, ere ho Faro, morena wa Egepeta, le ho bongata ba batho ba hae: O tshwana le mang boholong ba hao?
3. Bona, Assiria e ne e le kedare ya Lebanone, e ntle mahlomeleng a yona, e etsetsang moru moriti, e telele ho holeng ha yona, eo ntlha ya yona e neng e bonahala hara maru.
4. Ya nna ya mediswa ke metsi, dikgohola tsa nna tsa hodisa bophahamo ba yona, ka ho teela nqalo eo e hlomilweng ho yona hare ka diphororo tsa tsona, mme tsa nna tsa fihlisa dikeledi tsa tsona difateng tsohle tse naheng.
5. Ka baka leo, ya nna ya ikgohomosa kamoo e neng e feta difate tsohle tsa naha kateng, ka bolele; mahlomela a yona a nna a ata, makala a yona a nna a hola, hobane e ne e mediswa ke metsi a mangata.
6. Makaleng a yona, dinonyana tsohle tsa tla etsa matlo a tsona, diphoofolo tsohle tsa naha tsa tla tswalla tlasa makala a yona, ha ikahela ditjhaba tsohle moriting wa yona.
7. E ne e le ntle ka boholo ba yona le ka bolelele ba makala a yona, hobane metso ya yona e ne e le pela metsi a mangata.
8. Dikedare tse ding tsa tshimo ya Modimo di ne di sa e fete; dikiprese le tsona di ne di se na ho lekanngwa le makalana a yona, disikomora di ne di sa lekane le makala a yona; ho ne ho se sefate tshimong ya Modimo se neng se tshwana le yona botleng ba yona.
9. Ke ne ke e entse e ntle ka bongata ba makala a yona; difate tsohle tsa Edene, tse tshimong ya Modimo, di ne di le mona ho yona.
10. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o itse: Erekaha e iphahamisitse ka boholo ba yona, e bonahaditse ntlha ya yona hara maru, mme pelo ya yona e iphahamisitse boikakasong ba yona,
11. ke tla e neela matsohong a eo e leng senatla hara ditjhaba, hore a etse ka yona kamoo a ratang kateng; ke e lelekisitse ka baka la bokgopo ba yona.
12. Baditjhaba, ba thata hare ditjhaba, ba e remile, ba e tlohetse hona teng; mahlomela a yona a wetse dithabeng le dikgutlong tsohle, makala a yona a robehileng a wetse melapong yohle ya lefatshe, ditjhaba tsohle tsa lefatshe di suthile moriting wa yona, di e tlohetse hona teng.