5. Bakushe, Baputhe, Balude, le Baarabia kaofela, le Bakube le bana ba lefatshe la selekane, ba tla wa ka lerumo hammoho le bona.
6. Jehova o re: Haele ba tshetlamisang Egepeta, ba tla wa, boikgohomoso bo matla ba teng bo kokobetswe; ho tloha Migdole ho isa Siene, batho ba tla wa ka lerumo: ho bolela Morena Jehova.
7. Ba tla dula ba senyeditswe dinaheng tse senyehileng, mme metse ya bona e tla balwa le metse e entsweng dithako;
8. ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova, mohla ke besang mollo Egepeta, mme batlatsi bohle ba teng ba robehang.
9. Tsatsing leo, ho tla tloha ho nna ka dikepe manqosa, a tla ya tshosa Kushe ya iketlileng, mme ba tla kudupana ke bohloko jwaloka mohla kotlo ya Egepeta; bonang, hoo ho fela ho ya tla.
10. Morena Jehova o re: Ke se ke ya fedisa bongata ba batho ba Egepeta ka letsoho la Nebukadresare, morena wa Babilona.
11. Yena hammoho le setjhaba sa hae, e leng setjhaba se thata hara ditjhaba, ba ya tliswa ho timetsa lefatshe; ba tla tsomola marumo a bona ho lwantsha Egepeta, ba tlatse lefatshe ka ba bolawang.
12. Ke tla pshesa dinoka, ke be ke neele lefatshe matsohong a ba babe; ka matsoho a baditjhaba ke tla senya lefatshe le tsohle tse ho lona: ke nna Jehova ya boletseng hoo.
13. Morena Jehova o re: Ke tla timetsa le ditshwantsho, ke fedise medimo ya lefeela naheng ya Nofe; ha ho sa tla ba morena eo e leng wa naha ya Egepeta, mme ke tla hasa letsoso naheng ya Egepeta.
14. Ke tla etsa Pathrose lesupi, ke tjhese Tsowane; ke tla hlahisetsa No dikahlolo.
15. Ke tla tshela kgalefo ya ka hodima Sine, qhobosheane ya Egepeta, ke kgaole bongata ba batho ba No.
16. Ke tla besa mollo Egepeta; Sine o tla kudupana, No a heletswe, Nofe a kenwe ke dira motshehare.