Esekiele 30:20-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Eitse ka selemo sa leshome le motso o mong, ka kgwedi ya pele, ka la bosupa la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:

21. Mora motho, ke robile letsoho la Faro, morena wa Egepeta, mme bona, ha le a ka la tlamellwa ka dihlare leha e le ka lesela, hore le tle le natlafalle ho tshwara lerumo.

22. Ka baka leo, Morena Jehova o re: Bona, ke se ke ya tla ho Faro, morena wa Egepeta, ke robe matsoho a hae, le leng e leng le matla, le leng e leng le robehileng; mme ke tla wesa lerumo letsohong la hae;

23. ke tla qhalanyetsa Baegepeta hara ditjhaba, ke ba hase dinaheng.

24. Ke mpa ke tla natlafatsa matsoho a morena wa Babilona, ke tla bea lerumo la ka letsohong la hae, ke robe matsoho a Faro, a fehelwe pela hae ka mefehelo ya motho ya hlabilweng.

25. Ke tla natlafatsa matsoho a morena wa Babilona, mme matsoho a Faro a tla keba, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova, mohla ke beang lerumo la ka letsohong la morena wa Babilona, mme a le otlollelang lefatshe la Egepeta.

26. Ke tla qhalanyetsa Baegepeta ditjhabeng, ke ba hasanyetse dinaheng, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.

Esekiele 30