Esekiele 30:2-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Mora motho, porofeta, o re: Morena Jehova o re: Bokollang! Jo! tshiu e ya tla!

3. Efela tshiu eo e haufi: e, e haufi, tshiu ya Jehova; e tla ba tshiu e lefifi, e tla ba tshiu ya ditjhaba.

4. Lerumo le tla tlela Egepeta, Kushe a bidikane ke bohloko, mohla ba bolawang, ba welang fatshe Egepeta, le mohla ho tshwarwang bongata ba batho ba teng, mme metheo ya teng e epollwang.

5. Bakushe, Baputhe, Balude, le Baarabia kaofela, le Bakube le bana ba lefatshe la selekane, ba tla wa ka lerumo hammoho le bona.

6. Jehova o re: Haele ba tshetlamisang Egepeta, ba tla wa, boikgohomoso bo matla ba teng bo kokobetswe; ho tloha Migdole ho isa Siene, batho ba tla wa ka lerumo: ho bolela Morena Jehova.

7. Ba tla dula ba senyeditswe dinaheng tse senyehileng, mme metse ya bona e tla balwa le metse e entsweng dithako;

8. ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova, mohla ke besang mollo Egepeta, mme batlatsi bohle ba teng ba robehang.

9. Tsatsing leo, ho tla tloha ho nna ka dikepe manqosa, a tla ya tshosa Kushe ya iketlileng, mme ba tla kudupana ke bohloko jwaloka mohla kotlo ya Egepeta; bonang, hoo ho fela ho ya tla.

10. Morena Jehova o re: Ke se ke ya fedisa bongata ba batho ba Egepeta ka letsoho la Nebukadresare, morena wa Babilona.

11. Yena hammoho le setjhaba sa hae, e leng setjhaba se thata hara ditjhaba, ba ya tliswa ho timetsa lefatshe; ba tla tsomola marumo a bona ho lwantsha Egepeta, ba tlatse lefatshe ka ba bolawang.

12. Ke tla pshesa dinoka, ke be ke neele lefatshe matsohong a ba babe; ka matsoho a baditjhaba ke tla senya lefatshe le tsohle tse ho lona: ke nna Jehova ya boletseng hoo.

13. Morena Jehova o re: Ke tla timetsa le ditshwantsho, ke fedise medimo ya lefeela naheng ya Nofe; ha ho sa tla ba morena eo e leng wa naha ya Egepeta, mme ke tla hasa letsoso naheng ya Egepeta.

Esekiele 30