13. Morena Jehova o re: Ke tla timetsa le ditshwantsho, ke fedise medimo ya lefeela naheng ya Nofe; ha ho sa tla ba morena eo e leng wa naha ya Egepeta, mme ke tla hasa letsoso naheng ya Egepeta.
14. Ke tla etsa Pathrose lesupi, ke tjhese Tsowane; ke tla hlahisetsa No dikahlolo.
15. Ke tla tshela kgalefo ya ka hodima Sine, qhobosheane ya Egepeta, ke kgaole bongata ba batho ba No.
16. Ke tla besa mollo Egepeta; Sine o tla kudupana, No a heletswe, Nofe a kenwe ke dira motshehare.
17. Bahlankana ba Afene le ba Pi-Besethe ba tla wa ka lerumo, batho ba teng ba ye kgolehong le bona.
18. Haele Takpanese, motshehare o tla fetoha lefifi, mohla ke robang joko ya Egepeta teng, mme boikgohomoso ba teng bo matla bo felang. Leru le letsho le tla apesa motse oo, mme barwetsana ba teng ba tla ya kgolehong.
19. Ke tla hlahisa dikahlolo Egepeta, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.
20. Eitse ka selemo sa leshome le motso o mong, ka kgwedi ya pele, ka la bosupa la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:
21. Mora motho, ke robile letsoho la Faro, morena wa Egepeta, mme bona, ha le a ka la tlamellwa ka dihlare leha e le ka lesela, hore le tle le natlafalle ho tshwara lerumo.
22. Ka baka leo, Morena Jehova o re: Bona, ke se ke ya tla ho Faro, morena wa Egepeta, ke robe matsoho a hae, le leng e leng le matla, le leng e leng le robehileng; mme ke tla wesa lerumo letsohong la hae;
23. ke tla qhalanyetsa Baegepeta hara ditjhaba, ke ba hase dinaheng.
24. Ke mpa ke tla natlafatsa matsoho a morena wa Babilona, ke tla bea lerumo la ka letsohong la hae, ke robe matsoho a Faro, a fehelwe pela hae ka mefehelo ya motho ya hlabilweng.
25. Ke tla natlafatsa matsoho a morena wa Babilona, mme matsoho a Faro a tla keba, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova, mohla ke beang lerumo la ka letsohong la morena wa Babilona, mme a le otlollelang lefatshe la Egepeta.