Esekiele 3:7-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Haele ba ntlo ya Iseraele, ba tla hana ho o mamela hobane ba hana ho mamela nna; etswe bohle ba ntlo ya Iseraele e le ba thatafaditseng difahleho, ba sataladitseng dipelo.

8. Bona, ke thatafatsa sefahleho sa hao, jwaloka difahleho tsa bona; ke satalatsa phatla ya hao, jwaloka diphatla tsa bona.

9. Ke thatafatsa phatla ya hao jwaloka daemane, le ho feta lehakwe. O se ke wa ba tshaba, o se ke wa tepella ka baka la bona, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.

10. A eketsa a re ho nna: Mora motho, amohela pelong ya hao mantswe wohle a ka ao ke a buang ho wena, o a sekehele ditsebe.

11. Tloha, o ye ho ba kgolehong, ho bana ba setjhaba sa heno, o bue le bona, o re ho bona: Morena Jehova o a bua! leha ba ka mamela, leha ho se jwalo.

12. Yaba moya o a nkuka, mme ka utlwa modumo wa serwakgametsa kamora ka, ha thwe: Kganya ya Jehova e ke e bokwe bodulong ba hae!

13. le modumo wa dipheo tsa dibopuwa, ha di fapana, hammoho le modumo wa mabidi a maloka le tsona, le modumo wa serwakgametsa.

14. Moya wa nkuka, wa ya le nna; ka ya ke hlabehile, ke hlokofetse pelo, mme letsoho la Jehova la sebetsa ho nna ka matla.

Esekiele 3