11. Tloha, o ye ho ba kgolehong, ho bana ba setjhaba sa heno, o bue le bona, o re ho bona: Morena Jehova o a bua! leha ba ka mamela, leha ho se jwalo.
12. Yaba moya o a nkuka, mme ka utlwa modumo wa serwakgametsa kamora ka, ha thwe: Kganya ya Jehova e ke e bokwe bodulong ba hae!
13. le modumo wa dipheo tsa dibopuwa, ha di fapana, hammoho le modumo wa mabidi a maloka le tsona, le modumo wa serwakgametsa.
14. Moya wa nkuka, wa ya le nna; ka ya ke hlabehile, ke hlokofetse pelo, mme letsoho la Jehova la sebetsa ho nna ka matla.
15. Ka fihla Thel-Abibe, ho ba kgolehong ba ahileng pela noka ya Kebare, ka dula moo ba ahileng teng; ka dula teng ho bona tshiu tse supileng, ke maketse.
16. Kamora tshiu tse supileng, lentswe la Jehova la ntlela, la re:
17. Mora motho, ke o beile sebohodi sa ntlo ya Iseraele. O tle o mamele lentswe le tswang molomong wa ka, o ba tshose, o re: Ke nna ke buang le bona.
18. Ha nka re ho molotsana: Kannete o tla shwa! ... ha o sa mo tshose, o sa bue ho tshosa molotsana, hore a kgelohe tsela ya hae e kgopo, o tle o mo pholose, molotsana eo o tla shwa ka bokgopo ba hae, empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao.
19. Empa ha wena o tshositse molotsana, mme a sa ka a kgeloha bokgopo ba hae le tsela ya hae e sa lokang, haele yena o tla shwa ka bokgopo ba hae, empa wena etlaba o pholositse moya wa hao.
20. Ya lokileng, leha a ka kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, mohla ke beileng kgopiso pela hae, o tla shwa; ha o sa ka wa mo tshosa, o tla shwa ka sebe sa hae, mme ha ho ka ke ha thwe letho ka tse lokileng tseo a di entseng; empa madi a hae ke tla a batla letsohong la hao.
21. Empa wena, ha o tshositse ya lokileng, hore ya lokileng a se ke a etsa sebe, mme a fela a sa ka a se etsa, kannete o tla phela, hobane o ne a tshoswe, mme etlaba wena o pholositse moya wa hao.
22. Ke sa le hona teng, letsoho la Jehova la dula ho nna, mme a re ho nna: Ema, o ye nahathothe; teng ke tla bua le wena.
23. Yaba ke a ema, ka ya nahathothe, mme ka bona kganya ya Jehova e eme teng, jwaloka kganya eo ke neng ke e bone pela noka ya Kebare; yaba ke itiha ka sefahleho sa ka.
24. Yaba moya o kena ka ho nna, wa nkemisa ka maoto a ka, wa bua le nna, wa re ho nna: Eya, o ikwalle ha hao.