Esekiele 3:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. A re ho nna: Mora motho, ja seo o se fumaneng; ja buka eo e phuthilweng, o ntoo ya, o bue le ntlo ya Iseraele.

2. Yaba ke ahlamisa molomo wa ka, a nnea ho ja buka eo e phuthilweng.

3. Yaba o re ho nna: Mora motho, fepa mpa ya hao, o tlatse mala a hao ka buka eo e phuthilweng, eo ke o neang yona. Yaba ke a e ja, mme molomong wa ka ya hlabosa jwaloka dinotshi.

4. A boela a re ho nna: Mora motho, tsamaya, o ye ho ba ntlo ya Iseraele, o bue le bona ka mantswe a ka;

5. hobane ha o rongwe ho setjhaba se puo e tebileng, se leleme le thata; o mpa o rongwa ho ba ntlo ya Iseraele.

6. Ha o rongwe ho ditjhaba tse ngata, tse puo e tebileng, tse leleme le thata, tseo o ka sitwang ho utlwisisa puo ya tsona; ha ke re, hoja ebeka ke o romela ho tsona, di ne di tla o mamela?

7. Haele ba ntlo ya Iseraele, ba tla hana ho o mamela hobane ba hana ho mamela nna; etswe bohle ba ntlo ya Iseraele e le ba thatafaditseng difahleho, ba sataladitseng dipelo.

8. Bona, ke thatafatsa sefahleho sa hao, jwaloka difahleho tsa bona; ke satalatsa phatla ya hao, jwaloka diphatla tsa bona.

9. Ke thatafatsa phatla ya hao jwaloka daemane, le ho feta lehakwe. O se ke wa ba tshaba, o se ke wa tepella ka baka la bona, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.

Esekiele 3