Esekiele 29:7-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. enereha ba o tshwara ka letsoho, wa nna wa robeha, wa petsola lehetla lohle la bona; enereha ba itshetleha ka wena, wa nna wa robeha, wa sisinya letheka lohle la bona.

8. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Bona, ke tla o tlisetsa lerumo, ke kgaole batho le dikgomo ha hao.

9. Naha ya Egepeta e tla etswa lesupi le dithako, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova. Erekaha a itse: Noka ke ya ka, ke nna ke e entseng;

10. ke ya tla ke hona ho wena le ho dinoka tsa hao, ke etse naha ya Egepeta dithako tse omeletseng, tse feela, ho tloha Migdole, ho tlisa Siene, le ho isa moeding wa Kushe.

11. Ha ho sa tla hata teng leoto la motho, ha ho tlhako ya kgomo e tla tsamaya teng, mme ha e ka ke ya ahuwa ka dilemo tse mashome a mane.

12. Ke tla etsa naha ya Egepeta lesupi hara naha tse lesupi, metse ya yona e be lesupi hara metse e dithako ka dilemo tse mashome a mane; ke tla qhalanyetsa Baegepeta hara ditjhaba, ke ba hasanyetse mafatsheng wohle.

13. Hobane Morena Jehova o re: Etlare hobane ho fele dilemo tseo tse mashome a mane, ke tla phutha Baegepeta ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng hara tsona;

14. ke tla lata Baegepeta ba ileng kgolehong, ke tle ke ba busetse naheng ya Pathrose, naheng eo ba tswaletsweng ho yona, mme teng ba tla etsa mmuso o nyenyefetseng.

15. O tla nyenyefala ho feta mebuso e meng, mme ha o sa tla phahamela ditjhaba; ke tla ba qephisa, hore ba se hlole ba rena hodima ditjhaba.

16. Mmuso oo ha o sa tla tshepisa ba ntlo ya Iseraele letho; o tla ba hopotsa bokgopo ba bona, ba mohla ba neng ba retelehela ho wona; mme ho tla tsejwa hoba ke nna Morena Jehova.

Esekiele 29