6. Baahi bohle ba Egepeta ba tla tseba hoba ke nna Jehova, hobane e ne e le tshiya ya lehlaka ho ntlo ya Iseraele;
7. enereha ba o tshwara ka letsoho, wa nna wa robeha, wa petsola lehetla lohle la bona; enereha ba itshetleha ka wena, wa nna wa robeha, wa sisinya letheka lohle la bona.
8. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Bona, ke tla o tlisetsa lerumo, ke kgaole batho le dikgomo ha hao.
9. Naha ya Egepeta e tla etswa lesupi le dithako, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova. Erekaha a itse: Noka ke ya ka, ke nna ke e entseng;
10. ke ya tla ke hona ho wena le ho dinoka tsa hao, ke etse naha ya Egepeta dithako tse omeletseng, tse feela, ho tloha Migdole, ho tlisa Siene, le ho isa moeding wa Kushe.